Ka botle o fetisa bana ba batho, mosa o tsholoha melomong ya hao; ka baka leo, Modimo o o hlohonolofaditse ka ho sa feleng.
Luka 4:22 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ba mo pakela bohle, ba makala ke mantswe a molemo a tswang molomong wa hae, ba re: Enwa na hase mora wa Josefa na? BIBELE Bohle ba mo paka, ba makalla mantswe a mohau a tswang molomong wa hae, mme ba re: “Ana eo hase mora wa Josefa?” Baasraak Sotho NT Bohle ba mo paka, ba hlollwa ke dipolelo tsa mohau tse tswang molomong wa hae. Ba re: Enwa na hase mora Josefa na? Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Bohle ba mo paka, ba hlollwa ke dipolelo tsa mohau tse tswang molomong wa hae. Ba re: Enwa na hase mora Josefa na? |
Ka botle o fetisa bana ba batho, mosa o tsholoha melomong ya hao; ka baka leo, Modimo o o hlohonolofaditse ka ho sa feleng.
Kganyeng ya hao o hlwelle koloing ya hao ya hlolo, o lwanele nnete le molemo le ho loka; letsoho le letona la hao le ke le o rute diketso tse makatsang!
Melomo ya ba lokileng e tseba tse kgahlisang; empa molomo wa ba sa lokang o bolela bokgopo feela.
Polelo e builweng ka motsotso o tshwanelehang, e jwaloka diapole tsa kgauta pitsaneng ya silefera.
Mantswe a tswang molomong wa ya bohlale a kgahlisa kahohle, empa melomo ea lewatla e a le timetsa.
Morena Jehova o nneile leleme la ba rutehileng, ke tle ke tsebe ho kgothatsa ya kgathetseng ka lentswe la ka. Ke yena ya ntsosang kameso yohle, ya bulang ditsebe tsa ka, ke tle ke tsebe ho mamela ka mokgwa wa ba rutwang.
Ha ba mmona, ba makala haholo; mmae a re ho yena: Ngwana ka, o re etseditseng jwalo? O ka bona, ntatao le nna, re ne re o batla re tshohile haholo.
hobane nna, ke tla le nea molomo le bohlale boo ba ipeileng dira ho lona ba tla sitwa ho bo fetola le ho bo hanyetsa.
Mme ba re: Na eo hase Jesu, mora Josefa, eo re tsebang ntatae le mmae? Jwale o bolela jwang, ha a re: Ke theohile lehodimong?
Bahlanka ba araba, ba re: Ha ho eso ho be motho ya buang jwaloka motho eo, le ka mohla o le mong.
Puo ya hao e be e pholosang, e se nang ho nyatseha, hore ya re hanyetsang a tle a swabe ke ho hloka ntho e mpe eo a ka re beang yona.