Luka 3:10 - Sesotho 1909/1961 (SO) Bongata ba mmotsa, ba re: Ha ho le jwalo, re tla etsa eng na? BIBELE Matshwele a mmotsa, a re: “Ha ho le jwalo, re etse eng?” Baasraak Sotho NT Matshwele a mmotsa, a re: Jwale, re tla etsa jwang? Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Matshwele a mmotsa, a re: Jwale, re tla etsa jwang? |
Masole le wona a mmotsa, a re: Le rona, re tla etsa eng? A re ho wona: Le se ke la etsa motho ka matla, leha e le ka thetso; hape le kgolwe ke moputso wa lona.
Ha ho le jwalo, behang ditholwana tse tshwanelang pako. Le se ke la qala la re ka ho lona: Abrahama ke ntata rona; hobane ke re ho lona: Modimo o ka tsosetsa Abrahama bana le ka majwe ana.
Eitse ha ba utlwa hoo, ba hlajwa dipelo, mme ba re ho Petrose le ho baapostola ba bang: Banna ba heso, re tla etsa jwang?
Petrose a re ho bona: Bakang, mme e mong le e mong wa lona a kolobeletswe ka lebitso la Jesu Kreste tshwarelong ya dibe, mme le tla nka neo ya Moya o Halalelang.
A re ka tshoho le ka thothomelo: Morena, o rata hore ke etse eng na? Morena a re ho yena: Tsoha, o kene motseng, mme o tla bolellwa teng seo o tshwanetseng ho se etsa.