Empa Naamane a halefa, a tloha, a re: Bonang, ke be ke lekantse hore o tla tswela ho nna, a eme, a bitse lebitso la Jehova, Modimo wa hae, a mpikitle ka letsoho la hae moo ke nang le bohloko, a mphodise lepera.
Luka 23:8 - Sesotho 1909/1961 (SO) Heroda, eitse ha a bona Jesu, a thaba haholo; hobane e ne e le kgale a rata ho mmona, ka baka la taba tse ngata tseo a di utlwileng hodima hae; o ne a tshepa hoba o tla mmona a etsa mohlolo o mong. BIBELE Jwale Heroda a thaba haholo ha a bona Jesu, hobane e ne e le kgale a lakatsa ho mmona. O ne a utlwile tsa hae, mme a tshepile ho bona mohlolo o etswang ke yena. Baasraak Sotho NT Eitse Heroda ha a bona Jesu, a thaba haholo; mme o ne a tshepile ho bona mohlolo o mong o etswa ke yena. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Eitse Heroda ha a bona Jesu, a thaba haholo; mme o ne a tshepile ho bona mohlolo o mong o etswa ke yena. |
Empa Naamane a halefa, a tloha, a re: Bonang, ke be ke lekantse hore o tla tswela ho nna, a eme, a bitse lebitso la Jehova, Modimo wa hae, a mpikitle ka letsoho la hae moo ke nang le bohloko, a mphodise lepera.
Morena Heroda ha a utlwa taba tseo, — hobane lebitso la Jesu le ne le tumile haholo, — a re: Ke Johanne Mokolobetsi; o tsohile bafung; ke ka baka leo matla ao a sebetsang ka ho yena.
Yare hobane a biletse bongata le barutuwa ba hae ho yena, a re ho bona: Motho, leha e ka ba mang le mang, ya ratang ho ntatela, a ke a itele, a ipelese sefapano sa hae, mme a ntshale morao.
A re ho bona: Efela le sa tla mpolella setshwantsho se reng: Ngaka, o iphodise e le wena; ntho tseo re di utlwileng di etseditswe Kapernauma, o etse tse kalo le mona naheng ya heno.
A le ke le mpheng le nna matla ao, hore e mong le e mong eo ke tla mmea matsoho, a newe Moya o Halalelang.