Luka 23:10 - Sesotho 1909/1961 (SO) Baprista ba baholo le bangodi ba ema, ba mo qosa ka matla. BIBELE Baprista ba baholo le Ditsebi tsa Molao ba ne ba eme ba mo qosa ka matla. Baasraak Sotho NT Baprista ba baholo le bangodi ba ema, ba mo qosa ka matla. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Baprista ba baholo le bangodi ba ema, ba mo qosa ka matla. |
Eitse hobane a bolele taba tseo, bangodi le bafarisi ba qala ho mmuisa haholo, ba tle ba mmoledise hodima tse ngata.
Mme Heroda a mo nyedisa a ena le bahlabani ba hae, a mo soma; mme eitse hobane a mo apese kobo e ntlentle, a mo kgutlisetsa ho Pilato.
Teng ba qala ho mo qosa, ba re: Re bone motho enwa a kgelosa setjhaba, o hana ha ho ntshetswa Sesare lekgetho; hape o ipitsa Kreste, morena.
Empa ba phehella, ba re: O ferekanya setjhaba ka ho ruta Judea kaofela; esale a qala ka Galelea ho fihlela mona.
Re re, re fihletse monna enwa e le lefu, o ferekanya Bajuda bohle ba ahileng lefatsheng lohle: ke hlooho ya thuto e kgelohileng ya Banasaretha.