Luka 21:11 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ditshisinyeho tse kgolo tsa lefatshe di tla ba teng, le ditlala ka nqa tse ngata, le mafu a akaretsang; mme matshabeho le mehlolo e meholo e tla ba teng e tswang lehodimong. BIBELE Dibakeng tse ding ho tla ba le ditshisinyeho tse kgolo tsa lefatshe, le mafu a sewa, le ditlala, le matshabeho, le dipontsho tse kgolo tse tswang lehodimong. Baasraak Sotho NT Mme ditshisinyeho tse kgolo tsa lefatshe di tla ba teng, le ditlala, le mafu a sewa; mme ho tla ba le dipono tse tshabehang le dipontsho tse kgolo tse tswang lehodimong. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Mme ditshisinyeho tse kgolo tsa lefatshe di tla ba teng, le ditlala, le mafu a sewa; mme ho tla ba le dipono tse tshabehang le dipontsho tse kgolo tse tswang lehodimong. |
Jehova wa makgotla o tla tla ka diaduma, ka ditshisinyeho tsa lefatshe, ka modumo o moholo, ka sefefo, ka setsokotsane, le ka malakabe a mollo o tjhesang.
Hobane setjhaba se seng se tla tsohela setjhaba se seng matla, mmuso o mong o lwantshe mmuso o mong; ditlala di tla ba teng, le mafu a akaretsang, le ditshisinyeho tsa lefatshe ka nqa tse ngata.
Jwale a re ho bona: Setjhaba se tla tsohela setjhaba se seng matla, mmuso o mong o lwantshe mmuso o mong.
Empa pele ho tseo tsohle, ba tla le tshwara ka matsoho a bona, ba le hlorise, ba le hulanyetse masinagogeng le diteronkong, ba le ise pela marena le babusisi, ka baka la lebitso la ka.