Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joele 2:30 - Sesotho 1909/1961 (SO)

30 Ke tla etsa mehlolo lehodimong le lefatsheng, madi, le mollo, le mouwane wa mosi.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

30 Ke tla etsa dimakatso hodimo, lehodimong, le mehlolo fatshe, lefatsheng: madi, le mollo, le mouwane wa mosi.

Ver Capítulo Copiar




Joele 2:30
16 Referencias Cruzadas  

A isa mahlo nqa Sodoma le Gomora, le nqa naheng yohle ya lehwatata, a tadima, mme bonang, mosi wa naha eo o ne o nyoloha jwaloka mosi wa sebopi.


Ke mang elwa ya nyolohang feelleng jwaloka ditopallo tsa mosi, ya arubeditsweng ka mirra le dibano le mearubetso yohle ya bahwebi?


Ka baka la ntho tseo, lefatshe le tla lla, mahodimo a hodimo a fifale, hobane ke boletse seo ke se hopotseng, mme ha ke fetohe; nke ke ka sutha teng.


Ka tsatsi leo, lesedi le tla ba siyo, kganya ya dinaledi e fifatswe.


Hanghang kamora mahlomola a mehla eo, letsatsi le tla fifala, kgwedi e tla hloka lesedi, dinaledi di tla wa lehodimong, mme tse matla tsa lehodimo di tla sisinyeha.


Ditshisinyeho tse kgolo tsa lefatshe di tla ba teng, le ditlala ka nqa tse ngata, le mafu a akaretsang; mme matshabeho le mehlolo e meholo e tla ba teng e tswang lehodimong.


Eitse ha ba Ai ba reteleha, ba bona mosi o etswa motseng, o nyolohela lehodimong, ba sitwa ho balehela kae le kae. Ba neng ba balehela nqa lefeelleng ba boya ho tla lwantsha ba ba phallelang.


mme ba bokolla ha ba bona mosi wa ho tjha ha wona, ba re: Motse ke ofe o tshwanang le motse o moholo oo?


Mme marena a lefatshe a febileng le yena, a ileng a phela le yena menyakeng, a tla mo llela, a itete difuba, ha a bona mosi wa ho tjha ha hae;


Lengeloi la pele la letsa terompeta ya lona, mme ha hlaha sefako le mollo, ho kopane le madi; ntho tseo tsa akgelwa lefatsheng; mme ha etjha karolo ya boraro ya lefatshe, ha etjha le karolo ya boraro ya difate, le jwang bo botala ba etjha kaofela.


Pontsho eo Baiseraele ba neng ba dumellane hodima yona le ba laletseng, ho ne ho itswe o tla etswa mosi o moholo, o nyolohe motseng.


Empa mosi ha o qala ho nyoloha motseng ka topallo, Babenjamine ba reteleha, ba bona mosi wa motse kaofela o nyolohela lehodimong.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos