Athe nna, ke na be ke o hlomile o le morara o fetisang ka molemo, wa mofuta wa sebelebele; o mpa o iphetotse jwang ho nna morara wa mofuta osele?
Luka 20:9 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba o qala ho bolella batho setshwantsho sena: Motho wa horeng o ne a hlome tshimo ya merara; a e laeletsa balemi, a ntoo eta ka tshiu tse teletsana. BIBELE Jwale Jesu a bolella batho setshwantsho sena: “Motho e mong a na a lema tshimo ya morara, a e etsa seahlolo le balemi, mme a eta nako e telele. Baasraak Sotho NT Yaba o qala ho bolella batho papiso ena; Monna e mong o ile a lema serapa sa morara, a se nea balemi, mme a ya naheng e hole ka nako e telele. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Yaba o qala ho bolella batho papiso ena; Monna e mong o ile a lema serapa sa morara, a se nea balemi, mme a ya naheng e hole ka nako e telele. |
Athe nna, ke na be ke o hlomile o le morara o fetisang ka molemo, wa mofuta wa sebelebele; o mpa o iphetotse jwang ho nna morara wa mofuta osele?
Hobane ho jwaloka motho ya etang, eo eitseng hobane a bitse bahlanka ba hae, a ba neela letlotlo la hae.
Ka nako ya ho kotula, a romela mohlanka wa hae ho balemi, hore ba mo fe ditholwana tsa merara; empa balemi ba mo otla, mme ba mo kgutlisa a le feela.
Yaba Jesu o re ho bona: Le nna nke ke ka le bolella matla ao ke etsang ntho tseo ka wona.
Bea baahlodi le dihlooho metseng yohle ya hao, eo Jehova, Modimo wa hao, a o neang yona melokong ya hao, ba tle ba ahlole setjhaba ka kahlolo ya ho loka.