Botumo ba hae ba utlwahala Siria yohle; ha tliswa ho yena bohle ba seng monate ke malwetse a mefutafuta, le ba tshwerweng ke mafu, le ba nang le bademona, le ba jewang ke sethwathwa, le ba omeletseng ditho; mme a ba fodisa.
Luka 2:2 - Sesotho 1909/1961 (SO) Palo eo ke ya pele, ya etswa Kuirine e le mmusisi wa Siria. BIBELE Ngodiso ena ya pele e bile teng ha Kireniuse e le mmusisi wa Siria. Baasraak Sotho NT (Tlhaloso ena ea pele e entsoe ha Cyrenease e le ’musisi oa Syria.) Contemporary Southern Sotho Bible 2024 (Tlhaloso ena ea pele e entsoe ha Cyrenease e le ’musisi oa Syria.) |
Botumo ba hae ba utlwahala Siria yohle; ha tliswa ho yena bohle ba seng monate ke malwetse a mefutafuta, le ba tshwerweng ke mafu, le ba nang le bademona, le ba jewang ke sethwathwa, le ba omeletseng ditho; mme a ba fodisa.
Mehleng eo, ha hlaha taelo ya Sesare Augusto, e reng, ho ngolwe palo ya baahi ba lefatshe lohle.
Ka lemo sa leshome le metso e mehlano sa puso ya Tibere Sesare, ha Ponse Pilato e le mmusisi wa Judea, Heroda yena e le moteterareke wa Galelea, Filipi, ngwanabo, e le moteterareke wa Iturea le wa naha ya Trakonita, Lisaniase e le moteterareke wa Abilene;
O ne a na le mmusisi Sergiuse Pauluse, monna ya hlalefileng. Eo a bitsa Barnabase le Saule, a lakatsa ho utlwa lentswe la Modimo.
Yare ha Galione e le mmusisi wa Akaea, Bajuda ba dumellana, ba tsohela Pauluse matla, mme ba mo isa kgotla,
Yare hobane a bolele taba tseo, morena a tloha, le mmusisi, le Berenise, le ba dutseng le bona.
Kamora eo, ha hlaha Judase wa Galelea, mehleng eo batho ba neng ba ngolwa ka yona, a ba a ikgulela batho ba bangata; empa le yena a timela, mme bohle ba neng ba mo utlwa ba fatakanngwa.