Luka 19:7 - Sesotho 1909/1961 (SO) Bohle, ha ba bona hoo, ba seba, ba re: O fapohetse ha monna wa moetsadibe. BIBELE Yare ha ba bona hoo, ba korotla bohle, ba re: “O fapohetse ha monna wa moetsadibe.” Baasraak Sotho NT Yare ha ba bona hoo, ba korotla bohle, ba re: O kene ho ya robala ha monna wa moetsadibe. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Yare ha ba bona hoo, ba korotla bohle, ba re: O kene ho ya robala ha monna wa moetsadibe. |
Le ho bona a re: Eyang le lona tshimong ya ka ya merara, mme ke tla le nea se le loketseng; mme ba ya.
Bafarisi, ha ba bona hoo, ba re ho barutuwa ba hae: Na moruti wa lona o jelang le balekgetho le baetsadibe?
Bafarisi le bangodi bona ba ne ba seba ke hona, ba re: Eno o amohela baetsadibe, o ja le bona.
Empa Sakea a ema, a re ho Morena: Bona, Morena, leruo la ka ke le arolela mafutsana kalehare; mme ha ke amohile motho ntho e nngwe ka thetso, ke busetsa ho yena tse nne.
Bangodi le bafarisi ba teng ba rorela barutuwa ba hae, ba re: Na le jelang le balekgetho le baetsadibe, le nwelang le bona?
Mora motho yena o tlile a eja, a enwa, mme le re: A le ke le boneng motho wa moji le wa monwi, motswalle wa balekgetho le wa baetsadibe.
Yaba mofarisi ya neng a mmitsitse, ha a bona hoo, o ipuella, a re: Motho enwa, hoja ke moporofeta, a ka be a tseba mosadi eo, ya mo amang, hoba ke mang, le hoba ke ya jwang; hobane ke moetsadibe.