Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 7:34 - Sesotho 1909/1961 (SO)

34 Mora motho yena o tlile a eja, a enwa, mme le re: A le ke le boneng motho wa moji le wa monwi, motswalle wa balekgetho le wa baetsadibe.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

34 Mora Motho o ile a tla a eja, a enwa, mme le re: ‘Motho enwa ke monyollo le letahwa, motswalle wa balekgetho le wa baetsadibe!’

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

34 Mora motho o tlile a eja, a enwa; mme le re: Bonang motho wa sejato, le monwi wa veine, motswalle wa balekgetho le baetsadibe!

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

34 Mora motho o tlile a eja, a enwa; mme le re: Bonang motho wa sejato, le monwi wa veine, motswalle wa balekgetho le baetsadibe!

Ver Capítulo Copiar




Luka 7:34
13 Referencias Cruzadas  

Mora motho yena o tlile a eja, a enwa, mme ba re: A le ke le boneng motho wa moji le wa monwi, molekane wa balekgetho le wa baetsadibe; empa bohlale bo ipaketse ke bana ba jona.


Hobane ha le rata ba le ratang, le ka ba le moputso ofe? Na balekgetho ha ba etse jwalo le bona na?


Bafarisi, ha ba bona hoo, ba re ho barutuwa ba hae: Na moruti wa lona o jelang le balekgetho le baetsadibe?


A re a sa bua, mofarisi e mong a mo rapela, hore a ke a tle ho ja le yena; a ya, a dula dijong.


Ya na yare ha a kene, ka Sabatha, tlung ya e mong wa baholo ba bafarisi ho ja bohobe teng, ba mo ela hloko.


Bafarisi le bangodi bona ba ne ba seba ke hona, ba re: Eno o amohela baetsadibe, o ja le bona.


Bohle, ha ba bona hoo, ba seba, ba re: O fapohetse ha monna wa moetsadibe.


Levi a mo etsetsa mokete o moholo tlung ya hae, mme ho ne ho le sehlopha se seholo sa balekgetho, le sa ba bang ba dutseng le bona dijong.


Hobane Johanne Mokolobetsi o tlile a sa je bohobe, a sa nwe veine, mme le re: O na le motemona.


Empa bohlale bo ipaketswe ke bana ba jona bohle.


Mofarisi e mong a mo rapela hore a tle ho ja le yena, mme Jesu a kena ka tlung ya mofarisi, a dula dijong.


A etsetswa selallo teng; Maretha o ne a ba sebeletsa; mme Lasaro e ne e le e mong wa ba dutseng dijong le yena.


Jesu le yena a biletswa bohading le barutuwa ba hae.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos