Mora motho yena o tlile a eja, a enwa, mme ba re: A le ke le boneng motho wa moji le wa monwi, molekane wa balekgetho le wa baetsadibe; empa bohlale bo ipaketse ke bana ba jona.
Luka 15:2 - Sesotho 1909/1961 (SO) Bafarisi le bangodi bona ba ne ba seba ke hona, ba re: Eno o amohela baetsadibe, o ja le bona. BIBELE Bafarisi le Ditsebi tsa Molao ba korotla, ba re: “Monna enwa o amohela baetsadibe, mme o ja le bona!” Baasraak Sotho NT Bafarisi le Ditsebi tsa Molao ba korotla ba re: “Monna enwa o amohela baetsadibe, mme o ja le bona. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Bafarisi le Ditsebi tsa Molao ba korotla ba re: “Monna enwa o amohela baetsadibe, mme o ja le bona. |
Mora motho yena o tlile a eja, a enwa, mme ba re: A le ke le boneng motho wa moji le wa monwi, molekane wa balekgetho le wa baetsadibe; empa bohlale bo ipaketse ke bana ba jona.
Bafarisi, ha ba bona hoo, ba re ho barutuwa ba hae: Na moruti wa lona o jelang le balekgetho le baetsadibe?
Bangodi le bafarisi ba teng ba rorela barutuwa ba hae, ba re: Na le jelang le balekgetho le baetsadibe, le nwelang le bona?
Mora motho yena o tlile a eja, a enwa, mme le re: A le ke le boneng motho wa moji le wa monwi, motswalle wa balekgetho le wa baetsadibe.
Yaba mofarisi ya neng a mmitsitse, ha a bona hoo, o ipuella, a re: Motho enwa, hoja ke moporofeta, a ka be a tseba mosadi eo, ya mo amang, hoba ke mang, le hoba ke ya jwang; hobane ke moetsadibe.
Hobane enere ba bang ba tswang ho Jakobo, ha ba eso ho fihle, o ne a ntse a eja le baditjhaba; empa yare ha ba fihla, a sutha kasanthao, mme a ikgetha ka ho tshaba ba lebollo.
Ke taba e tiileng, e tshwanetseng ho amohelwa ka kgolo yohle, hore Jesu Kreste o tlile lefatsheng ho boloka baetsadibe, bao ke leng wa sehlooho ho bona.