Jwale o ye, o late meya e meng e supileng, e o fetisang ka bolotsana, mme e kene, e dule teng; mme taba tsa motho eo tsa ho fela di fetise tsa ho qala ka ho dula hampe. Moloko o lonya ona o tla hlahelwa ke taba e jwalo.
Luka 13:3 - Sesotho 1909/1961 (SO) Tjhe, ke a le bolella. Empa ekare ha le sa bake, le tla timela jwalo kaofela. BIBELE Tjhe, empa ke a le bolella, haeba le sa bake, le tla timela jwalo bohle. Baasraak Sotho NT Ke a le bolella, Tjhe, empa, ha le sa bake, le lona bohle le tla timela jwalo. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ke a le bolella, Tjhe, empa, ha le sa bake, le lona bohle le tla timela jwalo. |
Jwale o ye, o late meya e meng e supileng, e o fetisang ka bolotsana, mme e kene, e dule teng; mme taba tsa motho eo tsa ho fela di fetise tsa ho qala ka ho dula hampe. Moloko o lonya ona o tla hlahelwa ke taba e jwalo.
Morena, ha a utlwa taba tseo, a halefa; a roma makgotla a hae, a timetsa babolai bao, a tjhesa le motse wa bona.
Jesu a araba, a re ho bona: Hleka le lekanya hoba Bagalelea bao e ne e le baetsadibe ho fetisa Bagalelea bohle, ha ba wetswe ke kotsi e kalo na?
Leha e le bano ba leshome le metso e robileng meno e le mmedi, bao tora e ba wetseng hodimo Silowe, ya ba bolaya, hleka le lekanya hoba ba ne ba le molato ho fetisa batho bohle ba ahileng Jerusalema na?
ho tle ho bolelwe ka lebitso la hae pako le tshwarelo ya dibe ho ditjhaba tsohle, ho qala ka Jerusalema.