empa e mong le e mong ya tla ntatola pela batho, le nna ke tla mo latola pela Ntate ya mahodimong.
Luka 12:9 - Sesotho 1909/1961 (SO) empa ya ntatolang pela batho, o tla latolwa pela mangeloi a Modimo. BIBELE empa ya ntatolang pela batho o tla latolwa pela mangeloi a Modimo. Baasraak Sotho NT Empa ya ntatolang pela batho, o tla latolwa pela mangeloi a Modimo. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Empa ya ntatolang pela batho, o tla latolwa pela mangeloi a Modimo. |
empa e mong le e mong ya tla ntatola pela batho, le nna ke tla mo latola pela Ntate ya mahodimong.
Mohla Mora motho a tlang a teetswe hare ke kganya ya hae, mangeloi a ena le yena kaofela, ke moo a tla dula teroneng ya kganya ya hae.
Jwale, o tla re ho ba ka letsohong la hae le letshehadi: Tlohang ho nna, lona ba rohakilweng, le ye mollong o sa feleng, o lokiseditsweng Diabolose le mangeloi a hae.
Mohlang oo, ke tla ba bolella pepeneneng, ke re: Ha ke a ka ka le tseba le mehla; ntloheleng, lona ba sebetsang bokgopo.
Hobane ya hlajwang ke dihlong ka nna le ka ditaba tsa mohla a tlang ka kganya ka, pela moloko wona o mofebi, o moetsadibe, le yena Mora motho o tla mo hlabelwa ke dihlong, mohla a tlang ka kganya ya Ntatae hammoho le mangeloi a halalelang.
Ke a le bolella, ka mokgwa o jwalo thabo e teng pela mangeloi a Modimo ka moetsadibe a le mong ya bakang.
Hobane e mong le e mong ya hlajwang ke dihlong ka nna le ka ditaba tsa ka, Mora motho le yena o tla mo hlabelwa ke dihlong, mohla a tlang ka kganya ya hae, le ya Ntatae, le ya mangeloi a halalelang.
mme ha re mamella bohloko le yena, re tla busa le yena; ha re mo latola, le yena o tla re latola;
E mong le e mong ya latolang Mora ha a bile ha a na le yena Ntate; empa ya bolelang Mora, o bile o na le yena le Ntate.
Mme jwale, bana, dulang ho yena, hore, mohla a hlahang, re tle re be le tshepo e tiileng, mme re se ke ra swaba pela hae ho hlaheng ha hae.
Ke tseba mesebetsi ya hao. Bona, ke butse monyako pela hao, o ke keng wa kwalwa ke motho; hobane o na le matlanyana, mme o bolokile lentswe la ka, mme ha o a ka wa latola lebitso la ka.