La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Luka 12:2 - Sesotho 1909/1961 (SO)

Hobane ha ho letho le kwahetsweng le sa tlo ka le kwahollwa, leha e le ntho e patilweng e sa tlo ka e tsejwa.

Ver Capítulo

BIBELE

Ha ho letho le kwahetsweng le sa tlo kwahollwa, le le patehileng le sa tlo tsejwa.

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Hobane ha ho letho le kwahetsweng, le ke keng la senolwa; leha e le e patiloeng, e ke keng ea tsejoa.

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Hobane ha ho letho le kwahetsweng, le ke keng la senolwa; leha e le e patiloeng, e ke keng ea tsejoa.

Ver Capítulo



Luka 12:2
10 Referencias Cruzadas  

hobane Modimo o sa tla isa mesebetsi yohle kahlolong, le tse patilweng kaofela, leha e le tse ntle, leha e le tse mpe.


Hobane mahlo a ka a tadimile mekgwa yohle ya bona e se nang ho pateha pela ka, le bokgopo ba bona bo se nang ho apeswa pontsheng ya ka.


Ba re, ba etsa mahlabelo e be diabo tsa ka; tjhe, ba hlaba ho ja nama feela; Jehova ha a kgahlwe ke bona. Jwale, o tla hopola bokgopo ba bona, a kgalemele dibe tsa bona; bona ba tla kgutlela Egepeta.


Hobane ha ho letho le sephiring le sa tlo ka le hlaha pontsheng; hape, ha ho letho le patilweng, le sa tlo ka le etla pepeneneng.


Hobane ha ho letho le sephiring, le sa tlo ka le bonahala, mme ha ho letho le patilweng, le sa tlo ka le tsejwa le ho hlahela pepeneng.


tsatsing leo Modimo o tla ahlola disatsejweng tsa batho ka Jesu Kreste, jwalokaha Evangeli yaka e ruta.


Ka baka leo, le se ke la ahlola letho e eso ho be nako, le mpe le lebelle Morena a be a fihle, ya tlang ho hlahisetsa leseding tse patilweng tsa lefifi, le ho senola merero ya dipelo; mme ke moo Modimo o tla nea motho ka mong poko e mo loketseng.


Hobane e ka kgona re hlahe bohle pela setulo sa kahlolo sa Kreste, hore e mong le e mong a tle a nke ho lekanang seo a se entseng ha a sa le mmeleng, leha e le se setle, leha e le se sebe.