Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 12:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Ka baka leo, tsohle tseo le di buileng lefifing di tla utlwahala leseding; le tseo le di nyenyeletsang tsebeng diphaposing, di tla bolelwa dihlorong tsa matlo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

3 Ka baka leo, tsohle tseo le di buileng lefifing di tla utlwahala leseding, le tseo le di nyenyeleditseng motho tsebeng dikamoreng tse kahare, di tla phatlalatswa dihlohlolong tsa matlo.”

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

3 Ka baka leo, tsohle tseo le di buileng lefifing di tla utlwahala leseding; mme seo le se buileng tsebeng ka matlung se tla bolelwa hodima marulelo.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

3 Ka baka leo, tsohle tseo le di buileng lefifing di tla utlwahala leseding; mme seo le se buileng tsebeng ka matlung se tla bolelwa hodima marulelo.

Ver Capítulo Copiar




Luka 12:3
7 Referencias Cruzadas  

Se hlapaole morena leha e ka ba mehopolong ya hao, o se ke wa hlapaola morui leha o le dikamoreng tsa hao tsa ho robala; hobane manong a lehodimo a ka tshoha a jala tse boletsweng, dinonyana tse rurang tsa hasa mantswe a hao.


Seo ke le bolellang sona lefifing, le se bolele leseding; seo le se utlwang le se nyenyeletswa tsebeng, le se bolele dihlorong tsa matlo.


Mme ke re ho lona: Ka tsatsi la kahlolo, batho ba tla tsekiswa polelo e nngwe le e nngwe ya bosawana eo ba e boletseng.


ya leng hodima ntlo, a se ke a theohela ho nka ntho tlung ya hae;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos