Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 12:4 - Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Empa ke re ho lona le leng metswalle ya ka: Le se ke la tshaba ba bolayang mmele, mme kamorao ha ba na ho hong hoo ba ka ho etsang.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

4 “Ke a le bolella, metswalle ya ka, le se ke la tshaba ba bolayang mmele, empa kamora moo ba se na letho leo ba ka le etsang hape.

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

4 Mme ke re ho lona metswalle ya ka: Le se ke la tshaba ba bolayang mmele, mme kamora moo ba se na ho hong hoo ba ka ho etsang.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

4 Mme ke re ho lona metswalle ya ka: Le se ke la tshaba ba bolayang mmele, mme kamora moo ba se na ho hong hoo ba ka ho etsang.

Ver Capítulo Copiar




Luka 12:4
20 Referencias Cruzadas  

Ho tshaba batho ho isa sefing; empa ya tshepang Jehova o beilwe phahameng.


Ke tlile serapeng sa ka, ngwaneso, molebeletswa wa ka, ke ikgoletse mirra ya ka le nonetso ya ka, ka ja kgekge ya dinotshi tsa ka, ka nwa veine ya ka le lebese la ka ... Oho metswalle, jang, le nwe, le tahwe lerato.


Moratuwa wa me o jwalo, mokgotsi wa me o jwalo, lona baradi ba Jerusalema!


Empa wena Iseraele, mohlanka wa ka, Jakobo, wena eo ke ikgethetseng yena, leloko la Abrahama, moratuwa wa ka,


Wena he, itlame letheka, o eme, o ba bolelle tsohle tseo ke tla o laela tsona; o se ke wa tshaba pela bona, esere ka o thothometsa pela bona.


O se ke wa ba tshaba, hobane ke na le wena ho o namolela, ho bolela Jehova.


hobane ba ne ba ba tshaba, hobane Ishmaele, mora Nethania, o ne a bolaile Gedalia, mora Akikame, eo morena wa Babilona a neng a mmeile ho disa naha.


Haele wena, mora motho, o se ke wa ba tshaba, o se ke wa tshoha mantswe a bona, leha bona ho wena e le bobatsi le meutlwa, mme o ahile le diphepheng. Se tshohe mantswe a bona, o se ke wa tepella ka baka la bona, etswe e le ntlo ya bahanyetsi.


Le se ke la tshaba ba bolayang mmele, ba mpa ba se na matla a ho bolaya moya; le mpe le tshabe ya nang le matla a ho bolaela moya le mmele diheleng.


Ha ho motho ya nang le lerato le fetang la ya tellang metswalle ya hae bophelo ba hae.


Empa ha ke re letho ka tsona, le bophelo ba kaha ke bo hlokomele, ke re, ke mpe ke qete leeto la ka ka thabo, le tshebetso eo ke e laetsweng ke Morena Jesu, e leng ho tiisa Evangeli ya mohau wa Modimo.


Eitse ha ba bona ho tiya ha Petrose le Johanne, athe ba tseba hobane ke batho ba sa rutehang, e le batho feela, ba makala, mme ba lemoha hobane ba kile ba tsamaya le Jesu.


le hona le sa tshohe leha e le tabeng e le nngwe ka baka la bahanyetsi. Bora boo, ho bona ke pontsho ya tshenyeho, empa ho lona ke ya poloko; mme hoo ho tswa ho Modimo.


ha ba ha etsahala lengolo le reng: Abrahama o dumetse Modimo, mme a ballwa hona hoba ke ho loka, mme a newa lebitso la motswalle wa Modimo.


Empa esita leha le ka utlwiswa bohloko ka baka la ho loka, le lehlohonolo; se tshabeng ditshokelo tsa bona, mme le se ke la tshoha;


O se ke wa tshaba letho la tseo o tlang ho tshwenngwa ka tsona. Bona, Diabolose o se a ya kenya ba bang ho lona teronkong, hore le lekwe; mme le tla ba le matshwenyeho a matsatsi a leshome. O tiye ho isa lefung, mme ke tla o fa moqhaka wa bophelo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos