o re tshwarele dibe tsa rona, hobane le rona re tshwarela bohle ba re sitetsweng; o se ke wa re isa molekong; o mpe o re lwele ho e mobe.
Luka 11:5 - Sesotho 1909/1961 (SO) A re ho bona: Ekare ha e mong ho lona a ena le motswalle, mme a ya ho yena bosiu bo boholo, a re ho yena: Motswalle, nkadime mahobe a mararo; BIBELE A ba a re ho bona: “Ke mang ho lona ya ka bang le motswalle, a ya ho yena ka seroko, a re ho yena: ‘Motswalle, ako nkadime dinkgwa tse tharo, Baasraak Sotho NT A re ho bona: Ke ofe ho lona ya nang le motswalle, mme a ya ho yena hara mpa ya bosiu, a re ho yena: Motswalle, nkadime mahobe a mararo; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 A re ho bona: Ke ofe ho lona ya nang le motswalle, mme a ya ho yena hara mpa ya bosiu, a re ho yena: Motswalle, nkadime mahobe a mararo; |
o re tshwarele dibe tsa rona, hobane le rona re tshwarela bohle ba re sitetsweng; o se ke wa re isa molekong; o mpe o re lwele ho e mobe.
hobane molekane wa ka wa moeti o fapohetse ha ka, mme ke hloka seo nka se beang pela hae;