Luka 11:44 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ho madimabe lona, bangodi le bafarisi, baikaketsi, hobane le jwaloka mabitla a sa bonahaleng, ao batho ba a hatang ba sa tsebe. BIBELE “Le madimabe, hobane le tshwana le mabitla a sa bonahaleng, ao batho ba tsamayang hodima wona ba sa a lemohe.” Baasraak Sotho NT Ho madimabe lona, bangodi le bafarisi, baikaketsi! hobane le jwaloka mabitla a sa bonahaleng, ao batho ba tsamayang hodima wona ba sa a tsebe. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ho madimabe lona, bangodi le bafarisi, baikaketsi! hobane le jwaloka mabitla a sa bonahaleng, ao batho ba tsamayang hodima wona ba sa a tsebe. |
Le bona baeti ba tla solla le naha; ya tla bona masapo a motho o tla emisa sefika sa lejwe pela wona, ho be ho fihle baepedi ba a epelang Kgohlong ya bongata ba Gogo.
Efraime o laletse Modimo wa ka. Moporofeta, sefi sa setsomi se ditseleng tsa hae tsohle; bora bo tlung ya Modimo wa hae.
E mong le e mong ya tla ama motho ya bolailweng naheng ka lerumo, kapa setopo, kapa masapo a batho, kapa lebitla, etlaba ha a hlweka ho fihlela matsatsi a supileng.
Efela e le yona e nyenyane ho dipeo tsohle, empa ha e hodile, e siya meroho e meng, e fetohe sefate, moo dinonyana tsa lehodimo di tlang, mme di aha makaleng a sona.
Empa Pauluse a re ho yena: Modimo o tla o phobola, wena lerako le kwetlisitsweng; hobane o duletse ho nkahlola ka molao; athe ha o laela hore ke phobolwe, o tlola molao!