Suthisetsa bosawana le puo ya leshano hole le nna. O se ke wa mpha bofuma, leha e le maruo; mphepe ka bohobe bo ntekanang;
Luka 11:3 - Sesotho 1909/1961 (SO) o re fe, ka matsatsi wohle, bohobe ba rona, bo lekanang letsatsi le leng le le leng; BIBELE o re fe ka letsatsi le letsatsi bohobe boo re bo hlokang; Baasraak Sotho NT O re fe bohobe ba rona ba letsatsi le letsatsi. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 O re fe bohobe ba rona ba letsatsi le letsatsi. |
Suthisetsa bosawana le puo ya leshano hole le nna. O se ke wa mpha bofuma, leha e le maruo; mphepe ka bohobe bo ntekanang;
Ke yena ya tla aha nqalong tse phahameng, ditshabelo tsa hae e tla ba diqhobosheane tse theilweng mafikeng. O tla fuwa bohobe ba hae, metsi a hae a ke ke a epsha.
Ka baka leo, le se ke la belaella tsa hosasane; hobane hosasane ho tla ipatlela se sa hona. Letsatsi ka leng le lekanwa ke tsietsi ya lona.
Bao ba fetisa ba Thesalonika ka bokgabane, ba amohela lentswe ka tjheseho e kgolo, ba botsisisa Mangolo ka matsatsi wohle, ho tseba hore na ditaba tseo di jwalo ruri na?