Luka 11:1 - Sesotho 1909/1961 (SO) Mohlomong, ha Jesu a le bakeng se seng, a rapela; eitse hobane a qete thapelo ya hae, e mong wa barutuwa ba hae, a re ho yena: Morena, re rute ho rapela, jwalokaha Johanne le yena a rutile barutuwa ba hae. BIBELE Yare hoba Jesu a qete ho rapela a le sebakeng se seng, morutuwa e mong wa hae a re ho yena: “Morena, re rute ho rapela, jwalokaha Johanne a rutile barutuwa ba hae.” Baasraak Sotho NT Eitse ha a ntse a rapela sebakeng se seng, ha a qetile, e mong wa barutuwa ba hae a re ho yena: Morena, re rute ho rapela, jwalokaha Johanne le yena a rutile barutuwa ba hae. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Eitse ha a ntse a rapela sebakeng se seng, ha a qetile, e mong wa barutuwa ba hae a re ho yena: Morena, re rute ho rapela, jwalokaha Johanne le yena a rutile barutuwa ba hae. |
O amohele mantswe a molomo wa ka, o kgahliswe ke ho nahana ha pelo ya ka, wena, Jehova, lefika la ka le monamoledi wa ka!
kanthe ntho e hlokwang e nngwe feela; mme Maria o ikgethetse kabelo e ntle, eo a ke keng a e amohuwa.
A re ho bona: Ha le rapela, le no re: Ntata rona ya mahodimong, lebitso la hao a le ke le kgethehe; ho tle mmuso wa hao; thato ya hao e etswe lefatsheng jwalokaha e etswa lehodimong;
Yaba Johanne o bitsa barutuwa ba hae ba babedi, a ba romela ho Jesu, a re: Na ke wena ya boletsweng, ho thwe, o tla tla, kapa re sa lebeletse e mong na?
Ha a le kathoko, a rapela, a ena le barutuwa ba hae, a ba botsa, a re: Batho ba re, ke mang?
Kamora taba tseo, hobane ho fete matsatsi a batlang ho roba meno e le mmedi, Jesu a ya le Petrose, le Johanne, le Jakobo, a nyolohela thabeng ho rapela.
Ke Jesu eo, mehleng ya nama ya hae, ya kileng a hlahisa, ka mohoo o moholo le ka meokgo, merapelo ya hae e bohloko ho ya neng a ka tseba ho mo lwela lefung; mme eitse hobane a utluwe, ka baka la borapedi ba hae,
Empa haele lona, baratuwa, le nne le ikgahe hodima tumelo ya lona e halalelang ka ho fetisisa, mme le rapele ka Moya o Halalelang;