Jehova ya hlahisang teboho melomong ya motho, o re: Kgotso, kgotso ho ya leng hole, le ho ya leng haufi; hobane ke tla mo fodisa.
Luka 10:5 - Sesotho 1909/1961 (SO) Leha e le ntlo efe le efe, eo le kenang ho yona, le qale ka ho re: Kgotso e be tlung ena. BIBELE “Tlung efe le efe eo le kenang ho yona, le qale ka ho re: ‘Kgotso e be tlung ena!’ Baasraak Sotho NT Ntlo efe le efe eo le kenang ho yona, le qale ka ho re: Kgotso e be tlung ena! Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ntlo efe le efe eo le kenang ho yona, le qale ka ho re: Kgotso e be tlung ena! |
Jehova ya hlahisang teboho melomong ya motho, o re: Kgotso, kgotso ho ya leng hole, le ho ya leng haufi; hobane ke tla mo fodisa.
Le se ke la nka mokotlana wa tjhelete, leha e le mokotla wa mofaho, kapa dieta; le se ke la dumedisa motho tseleng.
Ha mora wa kgotso a le teng moo, kgotso ya lona e tla dula ho yena, ha ho se jwalo, e tla kgutlela ho lona.
Jesu a re ho yena: Kajeno, poloko e kene tlung ena; hobane enwa le yena ke mora wa Abrahama.
Haele lentswe leo o le rometseng ho bana ba Iseraele, ha o bolela kgotso ka Jesu Kreste, e leng Morena wa bohle, le a le tseba,
Mme ha a tlile, o boletse kgotso ho lona le neng le le hole, le ho ba neng ba le haufi;
Le re ho yena: Kgotso e be ho wena ho pheleng, kgotso e be ho ba ntlo ya hao, kgotso e be le ho tsohle tsa hao!