Luka 10:13 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ho madimabe wena, Korasine! Ho madimabe wena, Bethsaida! Hobane mehlolo e entsweng hara lona, hoja ya be e entswe Tire le Sidone, metse eo e ka ba e bakile kgale ka masela a mahwashe le ka molora. BIBELE “O madimabe wena Korasine! O madimabe wena Bethesaida! hobane hoja diketso tse hlollang tse entsweng kahara lona di ne di entswe Tire le Sidone, batho ba teng ba ka be ba bakile kgale, ba apere tse mahwashe, ba dutse moloreng. Baasraak Sotho NT Ho malimabe uena, Korazine! Ho malimabe uena, Bethsaida! hobane mehlolo e entsweng ho lona, hoja e ka be e etsahetse Tire le Sidone, e ka be e sa le kgale e bakile, ba apere lesela le mahwashe le moloreng. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Ho malimabe uena, Korazine! Ho malimabe uena, Bethsaida! hobane mehlolo e entsweng ho lona, hoja e ka be e etsahetse Tire le Sidone, e ka be e sa le kgale e bakile, ba apere lesela le mahwashe le moloreng. |
ho behela ba llang ba Sione hobane ba tla newa moqhaka sebakeng sa molora, ole ya thabo sebakeng sa bofifi, kobo ya kganya sebakeng sa moya o tepeletseng, hore ba tle ba bitswe dieike tsa ho loka, le lehlomela la Jehova le tlang ho mo tlotlisa.
Eitse ka selemo sa leshome le motso o mong, ka la pele ho kgwedi, lentswe la Jehova la ntlela, la re:
Ka phahamisetsa mahlo a ka ho Morena Modimo ho ithusa ka thapelo le kopo, ka ho itima dijo, ka lesela le mahwashe le ka melora.
Jehova o itse: Ka baka la melato e meraro, kapa e mene ya Tire — teng nke ke ka fetoha — kahobane ba neetse Edomo ba hapilweng ba bangata, ba sa hopole selekane sa boena;
ka ho ya ka boikaketsi ba baruti ba bohata, bao matswalo a bona a tjhesitsweng ka tshepe;
Mme ke tla nea dipaki tsa ka tse pedi taelo, mme di tla porofeta ka matsatsi a sekete se nang le makgolo a mabedi a mashome a tsheletseng, di ntse di apere lesela le mahwashe.