Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Amose 1:9 - Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Jehova o itse: Ka baka la melato e meraro, kapa e mene ya Tire — teng nke ke ka fetoha — kahobane ba neetse Edomo ba hapilweng ba bangata, ba sa hopole selekane sa boena;

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

9 Morena o bua tjena: “Baahi ba Tire ba ntshitetswe ka makgetlo a se na palo, kahoo ha nka ke ka ba tshwarela; ba thopetse setjhaba kaofela Edomo, ba sa llelane letsetse sa bana ba motho.

Ver Capítulo Copiar




Amose 1:9
23 Referencias Cruzadas  

Le yena Hirame, morena wa Tire, a romela Davida manqosa, le difate tsa dikedare, le dibetli tsa difate, le dibetli tsa majwe; tsa hahela Davida ntlo.


Gebale, le Ammone, le Amaleke, le Bafilesta hammoho le baahi ba Tire;


le marena wohle a Tire, le marena wohle a Sidone, le marena a dihlekehleke tse mose wane wa lewatle;


ka baka la tsatsi le tlang la ho fedisa Bafilesta kaofela, la ho kgaoletsa Tire le Sidone bohle ba siilweng ho ba tlatsa. Hobane Jehova o tla fedisa Bafilesta, e leng masala a sehlekehleke sa Kaftore.


Lentswe la Jehova la boela la ntlela, la re:


Mesebetsi ya hao le dikananyo tsa hao, batho ba dikepe tsa hao le batsamaisi ba tsona, ba thibang mapetso a dikepe tsa hao, ba o sebedisang kgwebo ya hao, le bahlabani bohle ba hao ba leng ha eno, hammoho le matshwele wohle a hao a leng ha eno, ba tla wela bodibeng ba mawatle tsatsing la ho wa ha hao.


Yaba lentswe la Jehova le ntlela, la re:


Ka bongata ba melato ya hao le ka bokgopo ba kgwebo ya hao o silafaditse dihalalelo tsa hao. Ke hona ke ntshitseng ho wena mollo o tla o tjhesa, mme ke tla o etsa thotobolo ya molora lefatsheng pela bohle ba o bonang.


Jehova o itse: Ka baka la melato e meraro, kapa e mene ya Edimo — teng nke ke ka fetoha — kahobane o phalletse ngwanabo ka lerumo, o pupeditse mohau wa hae, bohale ba hae bo sa phetse ho harola, mme o boloka kgalefo ya hae kamehla;


Jehova o itse: Ka baka la melato e meraro, kapa e mene ya Gasa — teng nke ke ka fetoha — kahobane ba ile le ba hapilweng ba bangata ho ba neela Baedomo,


Tsatsing lela leo o neng o eme pela hae, tsatsing lela leo dira di neng di ya le maruo a hae, mme baditjhaba ba kena ka dikgoro tsa hae, ba laola Jerusalema ka ditaola, le wena o ne o le jwaloka e mong wa bona.


Ke bona boporofeta ba boletsweng ke Jehova hodima lefatshe la Hadrake, mme bo tla dula hodima Damaseka, — hobane Jehova o qamaka batho bohle, jwalokaha a qamaka meloko yohle ya Iseraele;


Ho madimabe wena, Korasine! ho madimabe wena, Bethsaida! hobane mehlolo e entsweng ha eno, hola ya be e entswe Tire le Sidone, metse eo e ka be e bakile kgale, ka masela a mahwashe le ka molora.


Ka baka leo, ke re ho lona: Kotlo ya Tire le ya Sidone e tla ba tjhatsi ho ya lona ka tsatsi la kahlolo.


Ho madimabe wena, Korasine! Ho madimabe wena, Bethsaida! Hobane mehlolo e entsweng hara lona, hoja ya be e entswe Tire le Sidone, metse eo e ka ba e bakile kgale ka masela a mahwashe le ka molora.


Ka baka leo, le tla fihlelwa ke bothata bo fetisang bo tla hlahela Tire le Sidone, ka tsatsi la kahlolo.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos