Empa Jehova, Modimo wa lona, ke yena eo le tshwanetseng ho mo tshaba: ke yena ya tla le namolela matsohong a bohle bao e leng dira ho lona.
Luka 1:74 - Sesotho 1909/1961 (SO) ya hore, ha re lwetswe matsohong a bao e leng dira ho rona, re mo sebeletse, re sa tshabe letho, BIBELE ho mo sebeletsa re se na tshabo, re namoletswe matsohong a dira tsa rona, Baasraak Sotho NT Hore o re nee, hore re pholoswe matsohong a dira tsa rona, re o sebeletse re sa tshabe letho; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hore o re nee, hore re pholoswe matsohong a dira tsa rona, re o sebeletse re sa tshabe letho; |
Empa Jehova, Modimo wa lona, ke yena eo le tshwanetseng ho mo tshaba: ke yena ya tla le namolela matsohong a bohle bao e leng dira ho lona.
Iseraele o lopolotswe ke Jehova ka topollo ya kamehla yohle! Le ke ke la hlabiswa dihlong, leha e le ho swaba mehleng yohle.
Ho itima dijo ha kgwedi ya bone, le ho itima dijo ha ya bohlano, le ho itima dijo ha ya bosupa, le ho itima dijo ha ya leshome, ho tla fetohela ntlo ya Juda thabo le nyakallo le mekete e metle; feela, ithateleng nnete le kgotso.
Empa jwale, ha le holotswe sebeng, mme le fetohile bahlanka ba Modimo, le ikotulela kgalalelo, mme bofello ke bophelo bo sa feleng.
Hobane ha le a ka la newa moya wa bohlanka, hore tshabo e boele e be teng, le mpa le neilwe Moya wa ba bewang bana, oo re bitsang Abba! Ntate! ka wona.
Hobane Modimo ha o a ka wa re nea moya o boi, empa e le wa matla, le wa lerato, le wa kelello.
mme a lokolle bohle ba neng ba le bohlankeng ka matsatsi wohle a ho phela ha bona ke ho tshaba lefu.
ana haele madi a Kreste, ya itlhahisitseng ho Modimo ka Moya wa kamehla yohle, e le pheko e se nang letheba, madi ao a tla hlatswa matswalo a lona hakakang mesebetsing e shweleng, hore le tle le sebeletse Modimo o phelang!
O se ke wa tshaba letho la tseo o tlang ho tshwenngwa ka tsona. Bona, Diabolose o se a ya kenya ba bang ho lona teronkong, hore le lekwe; mme le tla ba le matshwenyeho a matsatsi a leshome. O tiye ho isa lefung, mme ke tla o fa moqhaka wa bophelo.