Jehova, Modimo wa mahodimo, ya ntlositseng tlung ya ntate le lefatsheng la banabeso, ya buileng le nna, ya nlthapanyeditseng, a re: Lesika la hao ke tla le nea naha ena; ke yena ya tlang ho roma lengeloi la hae pele ho wena, mme o tla nkela mora wa ka mosadi teng.
Dula naheng ena, mme ke tla ba le wena, ke o hlohonolofatse, hobane dinaha tsena kaofela ke tla di nea wena le ditloholo tsa hao, ke tiise kano eo ke e anetseng Abrahama, ntatao.
ke tle ke phethe kano eo ke e anneng ho bontata lona moholo, ka re: Ke tla ba nea lefatshe le kollang lebese le dinotshi, jwalokaha ho le jwalo le kajeno. Yaba ke a araba, ka re: Ho be jwalo, Jehova!
Ha le fela le ka utlwa ditaelo tseo, la di boloka, mme la etsa ka tsona, Jehova, Modimo wa hao, o tla o bolokela selekane le mohau, kamoo a anetseng bontatao kateng.
Empa kahobane Jehova a le ratile, mme a bolokile kano eo a e anetseng bontata lona, Jehova o le ntshitse Egepeta, ka letsoho le matla, mme o le lopolotse tlung ya bohlanka, le letsohong la Faro, Morena wa Egepeta.
Hobane Modimo, mohla o neng o etsetsa Abrahama pallo, kahobane ho ne ho se e mong ya o fetisang, eo o neng o ka hlapanya ka yena, o hlapantse ka wona, o itse: