La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Luka 1:47 - Sesotho 1909/1961 (SO)

moya wa ka o inyakalletse ho Modimo, Mmoloki wa me;

Ver Capítulo

BIBELE

“Pelo ya ka e tlotlisa Morena, moya wa ka o nyakalletse Modimo, Mopholosi wa ka;

Ver Capítulo

Baasraak Sotho NT

Mme moya wa ka o ithabela ho Modimo, Mopholosi wa ka.

Ver Capítulo

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

Mme moya wa ka o ithabela ho Modimo, Mopholosi wa ka.

Ver Capítulo



Luka 1:47
14 Referencias Cruzadas  

Ke moo moya wa ka o tla hlasimolohela ho Jehova, o thabele poloko ya hae.


Empa haele nna, ke tla ithabela ho Jehova, ke nyakalle ho Modimo wa poloko ya ka.


Nyakalla haholo, moradi wa Sione, o tshele ditlatse, moradi wa Jerusalema! Bona, morena wa hao ke enwa; o tla ho wena; ke ya lokileng, ya nang le poloko, ke ya ikokobetsang, ya kaletseng esele, e leng petsana, namane ya esele e tshehadi.


ke ho re, kajeno, le tswaletswe Mmoloki, motseng wa Davida; ke Kreste, Morena.


Ke le Pauluse, moapostola wa Jesu Kreste ka taelo ya Modimo, Mmoloki wa rona, le ya Morena Jesu Kreste, tshepo ya rona,


Hobane hoo ke ho molemo, ho kgahlehang ho Modimo, Mmoloki wa rona,


mme o senotse nakong ya teng lentswe la wona, ka polelo eo ke e laetsweng ka taelo ya Modimo, Mmoloki wa rona,


ba se ke ba utswa letho, empa ba etse hohle ka botshepehi bo botle, ba tle ba hlophise thuto ya Modimo, Mmoloki wa rona, nthong tsohle.


re ntse re lebeletse tshepo e lehlohonolo, le ho hlaha ha kganya ya Modimo o moholo, Jesu Kreste, Mmoloki wa rona;


ho Modimo o nnotshi, Mmoloki wa rona, e be kganya, le boholo, le matla, le borena, ka Morena wa rona Jesu Kreste, jwale le kamehleng le mehla! Amen!