Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 1:48 - Sesotho 1909/1961 (SO)

48 hobane o tadimile bofutsana ba lekgabunyane la hae; mme jwale, meloko yohle e tla re, ke lehlohonolo,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

48 hobane o ile a tadima ho eiseha ha lekgabunyane la hae. Bonang, ho tloha jwale meloko yohle e tla re nna ke lehlohonolo,

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

48 Hobane o tadimile ho ikokobetsa ha lekgabunyane la hae;

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

48 Hobane o tadimile ho ikokobetsa ha lekgabunyane la hae;

Ver Capítulo Copiar




Luka 1:48
19 Referencias Cruzadas  

Lea a re: Ke lehlohonolo, hobane baradi ba batho ba tla mpitsa ya lehlohonolo; mme a mo rea lebitso la Asere (ya lehlohonolo).


Jwale, bolella mohlanka wa ka Davida, o re: Ho itswe ke Jehova wa makgotla: Ke ne ke o late merakeng, o setse dinku morao, hore ke o bee modisa wa setjhaba sa ka sa Iseraele.


o tla retelehela ho ba lesitsi ba rapelang, mme a ke ke a nyedisa thapelo ya bona.


Ya re hopotseng boikokobetsong ba rona: Efela mohau wa hae ke o sa feleng.


Jehova o phahamile, o bona ba ikokobetsang, mme o tsebisisa baikakasi ba sa le hole.


Lebitso la hae le ke ke la fela, letsatsi ha le sa ntse le kganya, lebitso la hae le tla hloleha, batho ba hlohonolofatsane ka lona; ditjhaba tsohle di tla le hodisa.


Tseo tsohle di entswe ke letsoho la ka; tsohle tseo di bile teng ka nna: ho bolela Jehova. Empa eo ke tla mo tadima ke ya hlomohileng, ya robehileng pelo, le ya thothometswang ke lentswe la ka.


Mme ditjhaba tsohle di tla re: Le ba lehlohonolo; hobane le tla ba lefatshe le kgahlehang, ho bolela Jehova wa makgotla.


Lengeloi la kena ho yena, la re: Dumela, mohauhelwa: Morena o na le wena! O lehlohonolo hara basadi!


a phahamisa lentswe, a re: Ho lehlohonolo wena hara basadi, ho lehlohonolo le yona tholwana ya popelo ya hao.


Ho lehlohonolo ya dumetseng; hobane ditaba tseo a di boleletsweng ke Morena di tla etsahala.


hobane Ya matla o nketseditse tse kgolo. Lebitso la hae le a halalela;


Jesu a re a sa bolela taba tseo, mosadi e mong ya hara bongata a phahamisa lentswe, a re ho yena: Ho lehlohonolo popelo e o emereng, le matswele ao o a antseng.


A itlama ka kano, a re: Jehova wa makgotla, ha o ka tadimisisa bohloko ba lekgabunyane la hao, leha o ka nkgopola, o sa lebale lekgabunyane la hao, leha o ka fa lekgabunyane la hao ngwana e motona, ke tla mo neela Jehova ka ditshiu tsohle tsa ho phela ha hae, mme lehare ha le ka ke la mmeola hlooho.


O ntsha mofutsana ditholeng; o tlosa mofumanehi thotobolong, e le hore a ba dudise hara marena, mme a ba ruise terone ya kganya. Hobane metheo ya lefatshe ke ya Jehova; o tiisitse lefatshe lohle hodima yona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos