Luka 1:49 - Sesotho 1909/1961 (SO)49 hobane Ya matla o nketseditse tse kgolo. Lebitso la hae le a halalela; Ver CapítuloBIBELE49 hobane Ya Matla o nketseditse tse kgolo, lebitso la hae le a halalela; Ver CapítuloBaasraak Sotho NT49 Hobane Ya matla o nketseditse tse kgolo; mme lebitso la hae le a halalela. Ver CapítuloContemporary Southern Sotho Bible 202449 Hobane Ya matla o nketseditse tse kgolo; mme lebitso la hae le a halalela. Ver Capítulo |
Hobane ho itswe ke Mookamedi ya hodimodimo, eo bodulo ba hae e leng bo sa feleng, ya bitswang Mohalaledi: Ke ahile nqalong e phahameng, e halalelang; hape, ke ahile le ya tepeletseng, le motho ya robehileng pelo, ke tle ke pholose meya ya batho ba robehileng dipelo, ke phedise meya ya ba tepeletseng.
Dipobuwa tse nne tseo tse phelang, se seng le se seng sa tsona se ne se medile dipheo tse tsheletseng, mme se ne se tletse mahlo ka nqa tsohle le kahare; mme di ne di sa phetse, motshehare le bosiu, ho re: O a halalela, o a halalela, o a halalela, Morena Modimo, Ya matla wohle, ya neng a le teng, ya ntseng a le teng, ya tla nne a be teng.