Mafahla a ne a thala maleng a hae; yaba o re: Ha ho le jwalo, taba eo e ntlhahellang? Yaba o ya botsa Jehova.
Luka 1:41 - Sesotho 1909/1961 (SO) Eitse Elisabetha ha a utlwa tumediso ya Maria, ngwana a hlasimoloha popelong ya hae. Yaba Elisabetha o tlala Moya o Halalelang, BIBELE Eitse ha Elisabetha a utlwa tumediso ya Maria, lesea la tlola ka popelong ya Elisabetha, mme a tlala Moya o Halalelang. Baasraak Sotho NT Eitse ha Elisabetha a utlwa tumediso ya Maria, lesea le ka popelong ya hae la tlola. mme Elisabetha a tlala Moya o Halalelang; Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Eitse ha Elisabetha a utlwa tumediso ya Maria, lesea le ka popelong ya hae la tlola mme Elisabetha a tlala Moya o Halalelang; |
Mafahla a ne a thala maleng a hae; yaba o re: Ha ho le jwalo, taba eo e ntlhahellang? Yaba o ya botsa Jehova.
Hobane o tla ba moholo pela Morena, ha a ka ke a nwa veine le seno se tahang; o tla tlala Moya o Halalelang a sa le popelong ya mmae.
a phahamisa lentswe, a re: Ho lehlohonolo wena hara basadi, ho lehlohonolo le yona tholwana ya popelo ya hao.
O ka bona, lentswe la tumediso ya hao etsware ha le kena ditsebeng tsa ka, ngwana a hlasimoloha ke thabo popelong ya me.
Mme bohle ba tlala Moya o Halalelang, mme ba qala ho bua ka dipuo disele, kamoo Moya o ba buisang kateng.
Yaba Petrose, a tletse Moya o Halalelang, o ba bolella, a re: Marena a setjhaba, le lona baholo ba Iseraele,
Ha ho le jwalo, lona banababo rona, a le ke le kgetheng banna ba supileng hara lona, e leng ba tshepjwang, ba tletseng Moya o Halalelang le hlalefo, bao re ka ba beang tshebeletsong eo.
Empa Setefane a tlala Moya o Halalelang, a lelala hodimo, a bona kganya ya Modimo, le Jesu a eme letsohong le letona la Modimo.
Yaba Ananiase o ya, a kena ka tlung, a mmea matsoho, a re: Saule, ngwaneso, Morena o nthomile, yena Jesu ya ipontshitseng ho wena tseleng eo o tlileng ka yona, hore o boele o bone, le hore o tlale Moya o Halalelang.
Moya wa ka wa nkwa ka letsatsi la Morena, mme ka utlwa kamora ka lentswe le leholo le kang la terompeta, le re: