Ka utlwa lentswe la motho le tloha pakeng tsa mabopo a Ulai, la howeletsa, la re: Gabriele, mo kwaholelle pono.
Luka 1:19 - Sesotho 1909/1961 (SO) Lengeloi la araba, la re ho yena: Nna ke Gabriele, ya emang pela Modimo; ke romilwe ho bua le wena, le ho o bolella ditaba tsena tse monate. BIBELE Lengeloi la mo araba, la re: “Ke nna Gabariele, ya emang kapele ho Modimo, mme ke romilwe ho bua le wena, le ho o bolella molaetsa ona o molemo. Baasraak Sotho NT Lengeloi la araba, la re ho yena: Ke nna Gabriele, ya emang pela Modimo; mme ke romilwe ho bua le wena, le ho o bolella Evangeli ena. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Lengeloi la araba, la re ho yena: Ke nna Gabriele, ya emang pela Modimo; mme ke romilwe ho bua le wena, le ho o bolella Evangeli ena. |
Ka utlwa lentswe la motho le tloha pakeng tsa mabopo a Ulai, la howeletsa, la re: Gabriele, mo kwaholelle pono.
Iponeleng, le se ke la nyedisa le a mong wa ba banyenyane bana; hobane ke re ho lona: Mahodimong, mangeloi a bona a tadima kamehla sefahleho sa Ntate ya mahodimong.
Mme bona, o tla ba semumu, o sitwe ho bua, ho be ho fihle matsatsi ao ditaba tseo di tla etsahala ka wona, kahobane o sa ka wa dumela dipolelo tsa ka, tse tla etsahala nakong ya tsona.
Ka kgwedi ya botshelela, lengeloi Gabriele la romelwa ke Modimo motseng o mong wa Galelea, o bitswang Nasaretha,
Lengeloi la re ho bona: Se tshabeng, hobane bonang, ke le bolella thabo e kgolo, e monate, eo e tla ba ya setjhaba kaofela;
Fadimehang ke hona, mme le rapele kamehla, le tle le newe tokelo ya ho phonyoha ho tseo tsohle tse tla etsahala, le ya ho ema pela Mora motho.
Erekaha re ena le mopirsta e moholo ya nang le boholo bo bokalo, e leng Jesu, Mora Modimo, ya pholleditseng ka mahodimo, a re tiiseng kano ya rona.