Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Luka 1:20 - Sesotho 1909/1961 (SO)

20 Mme bona, o tla ba semumu, o sitwe ho bua, ho be ho fihle matsatsi ao ditaba tseo di tla etsahala ka wona, kahobane o sa ka wa dumela dipolelo tsa ka, tse tla etsahala nakong ya tsona.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

20 Bona, o tla ba semumu, o sitwe ho bua ho fihlela letsatsi leo ditaba tsena di tla etsahala ka lona, hobane ha o a ka wa dumela dipolelo tsa ka, tse tla phethahala ka nako ya tsona.”

Ver Capítulo Copiar

Baasraak Sotho NT

20 Bona, o tla ba semumu, o sitwe ho bua, ho be ho fihle tsatsi leo taba tseo di tla etsahala ka lona, kahobane o sa ka wa dumela dipolelo tsa ka, tse tlang ho phetheha ka nako ya tsona.

Ver Capítulo Copiar

Contemporary Southern Sotho Bible 2024

20 Bona, o tla ba semumu, o sitwe ho bua, ho be ho fihle tsatsi leo taba tseo di tla etsahala ka lona, kahobane o sa ka wa dumela dipolelo tsa ka, tse tlang ho phetheha ka nako ya tsona.

Ver Capítulo Copiar




Luka 1:20
22 Referencias Cruzadas  

Tona eo e ne e fetotse monna wa Modimo, ya re: Le hoja Jehova a ka phunya masoba lehodimong, taba e jwalo na e ne e ka etsahala na? Elisha a re: Bona, o tla bona ka mahlo a hao, empa o ke ke wa ja tsa teng.


Tona ya morena eo a ikokotlelang ka letsoho la yona ya fetola monna wa Modimo, ya re: Na o re, le hoja Jehova a ka phunya masoba lehodimong, taba e jwalo e ka etsahala na? Elisha a re: O tla e bona ka mahlo a hao, empa o ke ke wa ja tsa teng.


Yaba Jehova o re ho yena: Ke mang ya etseditseng motho molomo, kapa ke mang ya etsang motho semumu, kapa ya tsebetutu, kapa ya bonang, kapa ya sefofu? Na hase nna Jehova na?


Motse wa moreneng wa Efraime ke Samaria, mme hlooho ya Samaria ke mora Remalia. Ha le sa dumele, ruri le ke ke la tiya.


Tsatsing leo, molomo wa hao o tla bua ha ho fihla ya phonyohileng; o tla bua, ha o sa tla ba semumu, mme ho bona o tla ba pontsho ya tse tla tla, ba tle ba tsebe hoba ke nna Jehova.


Ke tla manamisa leleme la hao lehanong la hao, hore o tle o be semumu, mme ho bona o se ke wa ba mokgalemedi, etswe e le ntlo ya bahanyetsi.


A re a sa mpolella ditaba tseo, ka kobotela fatshe ka sefahleho, ka hloka puo.


Yaba Jehova o re ho Moshe: Kahobane le sa ka la dumela ho nna, la nkgalaletsa mahlong a bana ba Iseraele, le ke ke la finyeletsa phutheho ena lefatsheng leo ke le neileng lona.


Ho feleng, a itlhahisa ho ba leshome le motso o mong, ba dutse dijong; a nyatsa ho se dumele ha bona le bothata ba dipelo tsa bona, kahobane ba sa ka ba dumela ba mmoneng a tsohile.


Yaba o araba, a re: Jo! moloko o sa dumeleng, ke tla ba le lona ho isa kae? ke tla le behela pelo ho isa kae? Mo tliseng ho nna.


Lengeloi la araba, la re ho yena: Nna ke Gabriele, ya emang pela Modimo; ke romilwe ho bua le wena, le ho o bolella ditaba tsena tse monate.


Batho bona ba ne ba ntse ba lebeletse Sakaria kantle, ba maketse ke ho dieha ha hae ka tempeleng.


Yare ha a etswa, a sitwa ho bua le bona, mme ba lemoha hobane o bone mohlolo tempeleng, le yena a ba lekanyetsa jwalo; mme a sala e le semumu.


Ho lehlohonolo ya dumetseng; hobane ditaba tseo a di boleletsweng ke Morena di tla etsahala.


Ka nako yona eo molomo wa hae wa buleha, le leleme la raroloha, mme a bua, a boka Modimo.


Hleka leha ba bang ho bona ba sa ka ba dumela, ho se dumele ha bona ho ka fosisa ho tshepeha ha Modimo na?


ha re lesa ho tshepeha, yena o ya nne a tshepehe; o sitwa ho itatola.


ba tle ba be le tshepo ya bophelo bo sa feleng, boo Modimo o sa thetseng o bo baletseng batho, lefatshe ha le ne le eso ho be teng,


hore rona, ba phallelang tshepo eo re e beetsweng pele, re be le tshediso e fetisang ka ho tiya ka baka la ntho tse pedi tse sa sisinyeheng, tseo Modimo o neng o ke ke wa etsa leshano ho tsona.


Nna, ke kgalemela, ke laya bohle bao ke ba ratang; o be le tjheseho hle, mme o bake.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos