Ke tla o etsa setjhaba se seholo, ke o hlohonolofatse, mme ke tla hodisa lebitso la hao, mme o tla fetohela ba bang lehlohonolo.
Luka 1:15 - Sesotho 1909/1961 (SO) Hobane o tla ba moholo pela Morena, ha a ka ke a nwa veine le seno se tahang; o tla tlala Moya o Halalelang a sa le popelong ya mmae. BIBELE hobane o tla ba moholo pela Morena; ha a ka ke a nwa veine leha e le seno se tahang, mme o tla tlala Moya o Halalelang a sa le popelong ya mmae. Baasraak Sotho NT Hobane o tla ba moholo mahlong a Morena, mme a ke ke a nwa veine kapa seno se tahang; mme o tla tlala Moya o Halalelang ho tloha popelong ya mmae. Contemporary Southern Sotho Bible 2024 Hobane o tla ba moholo mahlong a Morena, mme a ke ke a nwa veine kapa seno se tahang; mme o tla tlala Moya o Halalelang ho tloha popelong ya mmae. |
Ke tla o etsa setjhaba se seholo, ke o hlohonolofatse, mme ke tla hodisa lebitso la hao, mme o tla fetohela ba bang lehlohonolo.
Empa ntatae a hana, a re: Ke a tseba, mora ka, ke a tseba! le yena e tla ba setjhaba, le yena o tla ba moholo; leha ho le jwalo, moenae o tla ba moholo ho yena, mme ditloholo tsa hae e tla ba letshwele la ditjhaba.
Ke nnile ka ba le wena le hohle moo o tsamaileng; ke bile ka fedisa dira tsohle tsa hao pela hao, mme ka o etsetsa lebitso le leholo le kang mabitso a ba baholo ba leng teng lefatsheng.
Leruo le kganya di tswa ho wena, mme o rena hodima tsohle. Matla le bonatla di matsohong a hao, hape o na le matla letsohong la hao a ho hodisa le a ho tiisa ntho tsohle.
Ke o tsebile ke eso ho o bope mpeng ya mmao; o eso ho tswe popelong, ke o kgethile, mme ke o beile moporofeta wa ditjhaba.
Ba araba, ba re: Ha re nwe veine, hobane Jonadabe, mora Rekabe, ntata rona moholo, o ne a re laele, a re: Le se ke la nwa veine, lona le bana ba lona ka ho sa feleng.
O se ke wa nwa veine, leha e le jwala, wena, leha e le bara ba hao, bao o nang le bona, ha le se le tla kena tenteng ya pokano, hore le tle le se ke la shwa. Ke taelo ya kamehla melokong ya lona yohle e tlang ho tla,
Jehova wa makgotla o tla ba sireletsa; ba tla ja dira tsa bona, ba hatakele majwe a matjeketjane; ba tla nwa madi a tsona, ba be ba hobe jwaloka hoja ba nwele veine; ba tla tlala jwaloka morifi wa mahlabelo, jwaloka dintlha tsa aletare.
Ke re ho lona: Hara ba tswetsweng ke basadi, moporofeta e moholo ho Johanne Mokolobetsi ha a yo. Feela, e monyenyane mmusong wa Modimo o moholo yo Yena.
Hobane Johanne Mokolobetsi o tlile a sa je bohobe, a sa nwe veine, mme le re: O na le motemona.
Johanne e ne e le lebone le tukang, le kganyang, mme lona le ithatetse ho nyakalla leseding la hae ka mehla e se mekae.
Mme bohle ba tlala Moya o Halalelang, mme ba qala ho bua ka dipuo disele, kamoo Moya o ba buisang kateng.
Empa mohla ho kgahlileng Modimo, o neng o nkgethe ke sa le mpeng ya mme, wa ba wa mpitsa ka mohau wa wona,
Yaba Jehova o re ho Joshua: Ke tla qala kajeno ho o hodisa pontsheng ho Baiseraele bohle, ba tle ba tsebe hobane ke tla ba le wena jwalokaha nkile ka ba le Moshe.
Tsatsing lona leo, Jehova a hodisa Joshua pepeneneng ho Baiseraele bohle; ba mo tshaba ke hona ka tshiu tsohle tsa ho phela ha hae, jwalokaha ba ne ba tshabile Moshe.