La Biblia Online

Anuncios


Toda la Biblia A.T. N.T.




Levitike 9:3 - Sesotho 1909/1961 (SO)

O tla bolella bana ba Iseraele, o re: Nkang phooko ya sehlabelo sa sebe; le nke le namane le konyana tsa setjheso, e be tse lemo se le seng, tse hlokang sekodi;

Ver Capítulo

BIBELE

Ho bana ba Iseraele o re: ‘Nkang phooko ya nyehelo e tlosang sebe, le pohwana le konyana, bobedi ba tsona di be le selemo, mme di hloke sepha, e be tsa nyehelo ya setjheso.

Ver Capítulo



Levitike 9:3
22 Referencias Cruzadas  

Yaba ba nka seaparo sa Josefa, ba hlaba phorohlwana ya podi, ba qopetsa seaparo mading;


Bona ba ntsha matsoho, ba itlama jwalo hore ba tla kgutlisa basadi ba bona; mme kahobane ba ne ba le molato, ba hlabela molato wa bona sehlabelo sa pheleu e ntjha.


kgakolong ya ntlo eo ya Modimo, ba hlaba poho tse lekgolo le le leng, le dipheleu tse makgolo a mabedi, le dikonyana tse makgolo a mane, le diphooko tse leshome le metso e mmedi tsa sehlabelo sa sebe sa Baiseraele bohle, ka palo ya meloko ya Iseraele.


E be konyana e se nang sekodi, e tona, ya lemo se le seng; le inkele yona dinkung leha e le dipoding.


Modimo o ratile ho mo roba le ho mmea tlokotsing; empa etlare hobane a bee ho phela ha hae hore e be sehlabelo bakeng sa dibe, o tla bona bana, a eketse matsatsi a hae, morero wa Jehova o atlehe matsohong a hae.


Moshe a botsa phooko ya sehlabelo sa sebe; empa a fumana hobane ba e tjhesitse.


Ho feleng ha matsatsi a ho itlhatswa ha hae, bakeng sa mora, kapa bakeng sa moradi wa hae, o tla hlahisa konyana e lemo se le seng, e be setjheso, le leebana, kapa leebakgorwana, e be sehlabelo sa sebe, a di tlise monyako wa tente ya pokano,


Ka letsatsi la boroba meno e le mmedi, o tla tlisa dikonyana tse pedi tse tona, tse se nang sekodi, le nku e lemo se le seng, e se nang sekodi, le dikarolo tse tharo tsa boshome ba efa ya lefi la phofo le dubilweng ka ole, ho di etsa nyehelo, le loge ya ole e be teng.


O tla hlabela setjhaba phooko ya sehlabelo sa sebe; o tla isa madi a yona kamora lesira, mme o tla etsa ka madi ao jwalokaha a entse ka madi a pohwana, o tla foka ka wona hodima sekwahelo, le pela sona.


O tla newa ke phutheho ya bana ba Iseraele diphooko tse pedi ho etsa sehlabelo sa sebe, le pheleu ho etsa setjheso.


Ka letsatsi leo ho tsokotswang ngata, le tla hlabela Jehova konyana e tona e lemo se le seng, e se nang sekodi, e be setjheso:


Etlare ha e bontshwa sebe seo e se entseng, e tla hlahisa podi e tona e se nang sekodi, e be sehlabelo sa yona.


Ha ekaba ya entseng sebe ke moprista ya tlotsitsweng, mme kahoo a dihetse batho molatong, o tla hlahisetsa Jehova pohwana e se nang sekodi ka baka la sebe seo a se entseng, e le sehlabelo sa sebe.


Nka pohwana e be sehlabelo sa sebe, le pheleu ya setjheso, di hloka sekodi tse pedi, mme o di hlabe pela Jehova.


le nke le kgomo le pheleu tsa sehlabelo sa teboho, tse tla hlajwa pela Jehova; le nke le nyehelo e dubilweng ka ole; hobane kajeno, Jehova o tla iponahatsa ho lona.


Hobane se neng se sita molao, ke ho fokodiswa ke nama, Modimo o se entse ha o romile Mora wa wona ka nama e tshwanang le ya baetsadibe, le ka baka la sebe, mme o tswile sebe nameng;


Hobane ya sa kang a tseba sebe, Modimo o mo entse sebe ka baka la rona, re tle re bewe ka yena ba lokileng pela Modimo.


ya iteletseng rona, a tle a re lopolle bokgopong bohle, mme a re hlatswe, a tle a iketsetse ka rona setjhaba seo e leng sa hae ka sebele, se tjhesehelang mesebetsi e metle.


yena ya jereng dibe tsa rona mmeleng wa hae sefapanong, hore re shwe ka nqa ya dibe, re tle re phelele ho loka; eo le fodisitsweng ka matetetso a hae.


Hobane le yena Kreste o ne a utlwiswe bohloko hang ka baka la dibe; yena ya lokileng o bolaetswe bakgopo, hore a tsebe ho re tlisa ho Modimo; o shwele ka nqeng ya nama, empa o phedisitswe ka nqeng ya moya.


Ba bina sefela se setjha, ba re: O loketse ho nka buka, le ho manolla ditiiso tsa yona; hobane o ne o hlajwe, mme wa lopollela Modimo, ka madi a hao, batho ba mefuta yohle, le ba dipuo tsohle, le ba merabe yohle, le ba ditjhaba tsohle;