Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Levitike 12:6 - Sesotho 1909/1961 (SO)

6 Ho feleng ha matsatsi a ho itlhatswa ha hae, bakeng sa mora, kapa bakeng sa moradi wa hae, o tla hlahisa konyana e lemo se le seng, e be setjheso, le leebana, kapa leebakgorwana, e be sehlabelo sa sebe, a di tlise monyako wa tente ya pokano,

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

6 “ ‘Hoba a belehe ngwana wa moshanyana kapa wa ngwanana, ha matsatsi a hae a ho itlhwekisa a fedile, o tla tlisa ho moprista, monyakong wa Tente ya Morena, konyana e nang le selemo, e le nyehelo ya setjheso, le ledinyane la leebana kapa leebanakgorwana, e le nyehelo e tlosang sebe.

Ver Capítulo Copiar




Levitike 12:6
15 Referencias Cruzadas  

Yaba Jehova o re ho yena: Nkukele sethole se lemo tse tharo, le podi e tshehadi e lemo tse tharo, le pheleu e lemo tse tharo, le leebakgorwana, le leeba.


Bolella bana ba Iseraele, o re: Ekare ha mosadi a emola, a ba a tswala ngwana e motona, o tla ba sesila ka matsatsi a supileng; o tla ba sesila jwaloka mohla a ileng kgweding.


Ekare ha a beleha ngwanana, o tla ba sesila ka veke tse pedi, jwaloka mohla a ileng kgweding, mme o tla dula tlung ka matsatsi a mashome a tsheletseng a metso e tsheletseng, a ntse a itlhatswa madi a hae.


ho moprista ya tlang ho di hlahisetsa Jehova, mme o tla mo etsetsa pheko, hore a tle a hlatswehe tsholohong ya madi a hae. Ke wona molao wa mosadi ya belehileng ngwana e motona, kapa e motshehadi.


le maebanakgorwana a mabedi, leha e le madinyane a mabedi a maeba, kamoo a ka ntshang kateng, le leng e be sehlabelo sa sebe, le leng e be setjheso.


Ka letsatsi la boroba meno e le mmedi, o tla inkela maebanakgorwana a mabedi, leha e le madinyane a maeba a mabedi; o tla itlhahisa pela Jehova monyako wa tente ya pokano, mme o tla a neela moprista ya tlang ho a hlahisa;


Ka letsatsi la boroba meno e le mmedi, o tla inkela maebanakgorwana a mabedi, leha e le madinyane a maeba a mabedi, ao a tlang ho a hlahisa ho moprista monyako wa tente ya pokano.


Ka tsatsi la boroba meno e le mmedi, o tla tlisetsa moprista, monyako wa tente ya pokano, maebanakgorwana a mabedi, kapa maebana a mabedi.


Hobane ho fete matsatsi ao ba itlhatswang ka wona, ka molao wa Moshe, ba isa ngwana Jerusalema, ho mo hlahisa pela Morena;


Ka hosasane, Johanne a bona Jesu a etla ho yena, mme a re: Bonang, ke Konyana ya Modimo e tlosang dibe tsa lefatshe.


Hobane ya sa kang a tseba sebe, Modimo o mo entse sebe ka baka la rona, re tle re bewe ka yena ba lokileng pela Modimo.


Efela ho ne ho tshwaneleha hoba re be le moprista e moholo ya jwalo, ya halalelang, ya se nang molato, ya se nang letheba, ya kahosele ho baetsadibe, ya phahamisitsweng ho fetisa lehodimo;


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos