Bara ba Kehathe ke Amrame, Jitsehare, Hebrone, le Usiele. Bana ba Amrame ke Aarone, Moshe, le Miriame.
Levitike 10:4 - Sesotho 1909/1961 (SO) Aarone a kgutsa. Moshe a bitsa Mishaele le Eltsafane, bara ba Usiele, rangwana Aarone, a re ho bona: Atamelang, mme le jarele banababo lona hole le sehalalelo, kantle ho diahelo. BIBELE Moshe a bitsa Mishaele le Elesafane, e leng bara ba Usiele, rangwana Arone, mme a re ho bona: “Atamelang, le tlose ditopo tsa bana bana babo lona mona, kapele ho Sehalalelo, le di ntshetse kantle ho diahelo.” |
Bara ba Kehathe ke Amrame, Jitsehare, Hebrone, le Usiele. Bana ba Amrame ke Aarone, Moshe, le Miriame.
Moshe a nka tente, a itlhomela yona kantle ho diahelo, hole le diahelo; a e bitsa tente ya pokano; mang le mang ya batlang Jehova, o ne a tswela tenteng ya pokano e kantle ho diahelo.
Bara ba Kehathe: Amrame, le Jitsehare, Hebrone, le Usiele: mme dilemo tsa ho phela ha Kehathe tsa eba lekgolo le mashome a mararo a metso e meraro.
Yare ha a atamela kgoro ya motse, ha bo ho jerwe mofu, ngwana ya nnotshi wa mmae, le hona mosadi eo e le mohlolohadi; o ne a latetswe ke bongata bo boholo ba batho ba motse.