Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Eksoda 33:7 - Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Moshe a nka tente, a itlhomela yona kantle ho diahelo, hole le diahelo; a e bitsa tente ya pokano; mang le mang ya batlang Jehova, o ne a tswela tenteng ya pokano e kantle ho diahelo.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

7 Moshe o ne a ye a nke Tente, ebe o e hloma kathoko ho diahelo, hojana le tsona, mme a e bitse Tente ya Morena. Jwale bohle ba neng ba batla ho tseba thato ya Morena, ba ne ba ye ba ye Tenteng eo, e leng Tente ya Morena, e neng e le kathoko ho diahelo.

Ver Capítulo Copiar




Eksoda 33:7
17 Referencias Cruzadas  

Mehleng ya Davida, tlala ya eba teng ka dilemo tse tharo tse hlahlamanang. Davida a botsa Jehova; mme Jehova a re: Ke ka baka la Saule le la ntlo ya hae e madi, kamoo a kileng a bolaya ba Gibeone kateng.


Jehova, o emelang kathoko, o ipatelang mehleng ya matswalo?


Pelo ya ka e nkgopotsa ha o itse: Batlang sefahleho sa ka! Le jwale, Jehova, ke batla sefahleho sa hao.


Le wena Jehova, o a bona! O se ke wa kgutsa! Morena, o se ke wa emela hole le nna!


Yaba Jethro, mohwehadi wa Moshe, o tlisetsa Modimo setjheso le mahlabelo, mme Aarone le baholo kaofela ba Iseraele ba tla ho tla ja bohobe le mohwehadi wa Moshe, pontsheng ya Modimo.


Yaba Moshe o ya kgahlanyetsa mowehadi wa hae, a inama, a mo aka, mme hoba ba botsane tsa ho phela ha bona, ba ntoo kena tenteng.


Ka mokgwa oo, bana ba Iseraele ba rola dikgabiso tsa bona ho tloha thabeng ya Horebe.


Enere ha Moshe a tswela tenteng, batho bohle ba ne ba raoha, ba eme e mong le e mong monyako wa tente ya hae; ba ise mahlo ho Moshe ho fihlela ha a kena tenteng.


Jehova o hole le ba babe; empa o utlwa merapelo ya ba lokileng.


empa ke ditlolo tsa lona tse entseng lerako le le arohantseng le Modimo wa lona, ke ka baka la dibe tsa lona sefahleho sa wona se siretseng ho lona, o be o sitwe ho le utlwa.


Leha ba hodisa bana ba bona, ke tla ba amoha bona ba sa le batjha. E, ho madimabe bona, mohla ke ba furallang!


Teng, le tla batla Jehova, Modimo wa hao, mme o tla mo fumana, ha o ka mmatla ka pelo ya hao yohle le ka moya wa hao wohle.


eo e leng mosebeletsi wa sehalalelo, le wa tabernakele ya sebele e hlomilweng ke Morena, e seng ke motho.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos