Yaba morena o tsoha hara bosiu, a re ho bahlanka ba hae: Ha nke ke le tsebise seo Basiria ba re etseditseng sona; ba tsebile hobane re na le tlala; jwale ba tswile diahelong ho ya ipata naheng, ka ho re: Ha ba tswa motseng, re tla ba tshwara ba sa phela, re ntoo kena motseng.
Empa wena, o se ke wa ba dumela; hobane banna ba fetang mashome a mane ba mo laletse, ba ikanne ka ho hlapanya hore ba ke ke ba eja, leha e le ho nwa, ba eso ho mmolaye; le jwale, ba se ba itokisitse, ba lebeletse karabo ya hao feela.
Yaba banna ba Iseraele bohle ba ema moo ba leng teng, ba hlopholla ntwa Baale-Thamare; le Baiseraele ba laletseng ba phakisa ba tswa moo ba leng teng, thoteng ya Gibea.
Bana ba Benjamine ba ne ba bone eka bana ba Iseraele ba hlotswe; hobane ba ne ba suthile pela Babenjamine, athe ba ne ba tshepile ba laletseng ba beilweng ho patela Gibea.