Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 8:4 - BIBELE

4 A ba laela, a re: “Bonang mona, le tla lalla kamorao ho motse. Feela le se ke la ba hole le motse, empa bohle le be malalaalaotswe.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 A ba laela, a re: Bonang, le etsetse motse mekgahlelo, kamora motse; le se ke la emela hole le motse, mme le itokise bohle.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 8:4
14 Referencias Cruzadas  

Kgosi ya tsoha hara bosiu, ya re ho bahlanka ba yona: “Jwale ke tla le bolella seo Baarame ba re entseng sona. Ba a tseba hore re a lapa; ka baka leo, ba tlohile diahelong tsa bona, ba ya ipata hara naha, ba re: ‘Etlare ha ba etswa motseng re ba tshware ba ntse ba phela, ebe re kena motseng.’ ”


Jeroboame a romela bahlabani ba bang hore ba eo ba lalla kamorao; kahoo mabotho a hae a ne a le kapele ho mabotho a naha ya Juda, mme ba laletseng ba le kamorao ho wona.


Bohlale bo matlafatsa motho, motho wa mohlalefi, a fete babusi ba motse ba le leshome.


Yaba ke re: “Bohlale bo molemo ho feta bonatla!” Empa bohlale ba monna ya futsanehileng bo a nyediswa, le dipolelo tsa hae ha di mamelwe.


Empa o se ke wa ba mamela, hobane banna ba fetang mashome a mane ba bona ba mo laletse, kaha ba ikanne hore ba ke ke ba eja, leha e le ho nwa, ba eso mmolaye. Jwale ba itokisitse, ba se ba emetse qeto ya hao feela.”


Ha bitswa banna bohle ba neng ba le kahara motse wa Ai, ho phaladisa Baiseraele. Ba phaladisetsa bo-Joshua hole le motse.


Yaba Joshua o tsamaya jwalo, a ena le bahlabani bohle, o ya Ai. Joshua a kgetha mokgetho wa dinatla tsa bahale ba dikete tse mashome a mararo, mme ba futuha hara bosiu.


Baiseraele ba lalla motse wa Gibea ba o potapotile.


Banna bohle ba Iseraele ba phahama moo ba neng ba le teng, ba thea theko ya ntwa, ba le Baale-Tamare. Banna ba Iseraele ba neng ba laletse ba tswa moo ba neng ba le teng, ka bophirimela ho Geba.


Ba morabe wa Benjamine ba bona hore ba hlotswe. Banna ba Iseraele ba tjhetjha kapele ho ba morabe wa Benjamine, hobane ba ne ba tshepile banna ba neng ba laletse ho potapota Gibea.


Banna ba Shekeme ba lalla Abimeleke hodima dithaba. Ba kweta bohle ba neng ba feta ka tsela eo. Yaba Abimeleke o a tsebiswa.


Ka baka leo, wena le batho ba ka ho wena, le tsohe bosiu, le ba lalle ka naheng.


Morena wa mabotho o bua tjena: ‘Ke hopola seo Baamaleke ba ileng ba se etsa ho Baiseraele, kamoo ba neng ba ba thibele tsela kateng, ha Baiseraele ba ne ba nyoloha Egepeta.


Jwale Saule a fihla motseng wa Baamaleke, mme a fihla a lalla ka kgohlong.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos