Yaba Abrahama o tsoha ka meso, a qhaneha esele ya hae, a nka bahlanka ba babedi le yena, le Isaaka, mora hae; mme a ratha patsi ya setjheso; yaba o tloha, a leba nqalong eo Modimo o mmoletseng yona.
Joshua 8:10 - Sesotho 1909/1961 (SO) Joshua a tsoha e sa le ka meso, a hlahloba setjhaba, mme a nyolohela Ai, a ena le baholo ba Iseraele, a eteletse setjhaba pele. BIBELE Joshua a tsoha e sa le ka madungwadungwana, a bokella bahlabani, a nyolohela Ai; yena le baholo ba Iseraele ba eteletse bahlabani pele. |
Yaba Abrahama o tsoha ka meso, a qhaneha esele ya hae, a nka bahlanka ba babedi le yena, le Isaaka, mora hae; mme a ratha patsi ya setjheso; yaba o tloha, a leba nqalong eo Modimo o mmoletseng yona.
Joshua a tsoha e sa le hosasa; ba tloha Shittime, ba tla Jordane, yena, le bana bohle ba Iseraele, mme ba robala teng ba eso ho tshele.
Ebile Joshua o tsoha e sa le ka meso, a atametsa Baiseraele ka meloko ya bona, mme leloko la Juda la tshwarwa.
Bahlabani bohle bao a nang le bona ba nyoloha, ba atamela, ba fihla pela motse, mme ba emisa ka nqa leboya ho Ai, kgohlo e le teng mahareng a bona le Ai.
Joshua a ba roma, ba ya mekgahlelong, ba ema dipakeng tsa Bethele le Ai, ka nqa bophirimela ho Ai; Joshua yena a hlola bosiu bona le setjhaba.