Joshua 7:4 - Sesotho 1909/1961 (SO) Yaba ho ya banna ba ka bang kete tse tharo ba setjhaba, empa ba baleha pela banna ba Ai. BIBELE Yaba bahlabani ba ka bang kete tse tharo ba nyolohela teng, empa ba baleha banna ba Ai. |
Ba sekete ba tla baleha ba tshabiswa ke motho a le mong; ha ba bahlano ba le tshosa, le tla baleha ho fihlela masala a lona a eba jwaloka sefate se itlhophereng, se hlomilweng hodima thaba, leha e le jwaloka folaga e hlomilweng leralleng.
empa ke ditlolo tsa lona tse entseng lerako le le arohantseng le Modimo wa lona, ke ka baka la dibe tsa lona sefahleho sa wona se siretseng ho lona, o be o sitwe ho le utlwa.
Ke tla le tjamela; le tla qhalwa ke dira tsa lona; le tla buswa ke ba le hloileng, mme le tla baleha, leha ho se motho ya le lelekisang.
Jehova o tla etsa hore o hlolwe pontsheng ya dira tsa hao; o tla di futuhela ka tsela e le nngwe, mme o tla di balehela ka tsela tse supileng, mme o tla qhalanyetswa mebusong yohle ya lefatshe.
Motho a le mong o ne a tla phallela ba sekete jwang, mme ba babedi ba ne ba tla lelekisa ba dikete tse leshome jwang, hojane Lefika la bona le sa ka la rekisa ka bona, le hojane Jehova a sa ka a ba lahla?
Ba boela ho Joshua, ba re ho yena: Ho se ke ha ya setjhaba kaofela; ho ye banna ba ka bang kete tse pedi, kapa tse tharo, ba futuhele Ai; o se ke wa kgathatsa setjhaba kaofela, etswe ba se bakae.