Joshua 7:18 - Sesotho 1909/1961 (SO) A atametsa monna ka mong wa ntlo ya hae, mme Akane, mora Karmi, mora Sabdi, mora Sera, wa leloko la Juda, a tshwarwa. BIBELE Jwale banna ba ntlo ya Sabedi ba atametswa ka bomong, mme ha kgethwa Akane, mora wa Karimi, mora wa Sabedi, mora wa Sera, wa morabe wa Juda. |
Jwalokaha leshodu le hlabiswa dihlong ha le tshwarwa, ntlo ya Iseraele e tla hlabiswa dihlong jwalo, yona le marena a yona, le baholo ba yona, le baprista ba yona, le baporofeta ba yona;
Empa ha le sa etse jwalo, etlaba le sitetswe Jehova; mme le tsebe hoba sebe sa lona se tla le tshwara.
A atametsa methapo ya Juda, mme Modimo wa tshwara mothapo wa Sera; a atametsa monna ka mong wa mothapo wa Sera, mme Sabdi a tshwarwa.