Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Numere 32:23 - Sesotho 1909/1961 (SO)

23 Empa ha le sa etse jwalo, etlaba le sitetswe Jehova; mme le tsebe hoba sebe sa lona se tla le tshwara.

Ver Capítulo Copiar

BIBELE

23 “Empa ha le sa etse jwalo, e tla ba le sitetswe Morena, mme le ke ke la phema kotlo ya sebe sa lona.

Ver Capítulo Copiar




Numere 32:23
21 Referencias Cruzadas  

Empa batho ba Sodoma e ne e le balotsana, e le baetsadibe pela Jehova ka ho fetisisa.


Ekare ha o etsa hantle, na sefahleho sa hao se ke ke sa ela na? Mme ha o sa etse hantle, sebe se laletse monyako; mme ditakatso tsa sona di lebile ho wena, o mpe o se buse.


Juda a re: Re tla reng ho morena ka? re tla bua dife, kapa re tle itlhatswa jwang? Modimo o fihletse bokgopo jwa bahlanka ba hao; bona, re se re le makgoba a morena ka, rona le motho eo senwelo se fumanweng ho yena.


Ke fokotse kajeno, leha ke le morena ya tlotsitsweng; haele banna bao, bara ba Tseruja, ba ntlhola; empa Jehova o tla putsa ya etsang bobe ka bobe ba hae.


Jehova o tla busetsa madi a Joabe hloohong ya hae, hobane o bolaile batho ba babedi ba mo fetang ka ho loka le ka molemo, ntate Davida a sa tsebe; o ba bolaile ka lerumo; ke Abnere, mora Nere, molaodi wa makgotla a Iseraele, le Amasa, mora Jethere, molaodi wa makgotla a Juda.


Madi a bona a tla busetswa hloohong ya Joabe, le hloohong tsa ditloholo tsa hae kamehla; empa kgotso e tswang ho Jehova, e tla nne e be teng ho Davida, le ho ditloholo tsa hae, le tlung ya hae, le teroneng ya hae.


Ho wena esita le lefifi le ke ke la eba letsho, bosiu bo ka ela jwaloka motshehare, lefifi la eba jwaloka lesedi.


Motho ya leleme le lebe a ke ke a tiya lefatsheng, motho ya bohale o tla welwa ke dikotsi, a dihuwe.


O bea makgopo a rona pela hao, le dibe tsa rona tse patilweng o di bea leseding la sefahleho sa hao.


Ditlokotsi di phallela baetsadibe; empa lehlohonolo ke moputso ho ba lokileng.


Hobane ya lokileng, leha a ka wa hasupa, o tla boela a tsohe; empa baetsadibe ha ba kgoptjwa, ba wela kotsing.


Molotsana o tla tshwaswa ke makgopo a hae, a bofjwe ka marapo a dibe tsa hae.


Ho madimabe molotsana, o dutse hampe; hobane o tla newa moputso wa mesebetsi ya matsoho a hae.


Hobane ditlolo tsa rona di atile pela hao, dibe tsa rona di a re qosa, etswe re ikutlwa ditlolo tsa rona, mme re tseba dibe tsa rona;


Yaba ba botsana, ba re: Tloong, re laoleng ka lotho, re tle re tsebe na tsietsi eo e re hlahetse ka baka la mang? Ba laola ka lotho, mme lotho ya ntsha Jonase.


Mahlomola le ditlokotsi di be teng hodima moya wa motho ka mong ya etsang bobe, hodima Mojuda pele, ho isa le ho Mogerike.


Ka baka leo, le se ke la ahlola letho e eso ho be nako, le mpe le lebelle Morena a be a fihle, ya tlang ho hlahisetsa leseding tse patilweng tsa lefifi, le ho senola merero ya dipelo; mme ke moo Modimo o tla nea motho ka mong poko e mo loketseng.


A atametsa monna ka mong wa ntlo ya hae, mme Akane, mora Karmi, mora Sabdi, mora Sera, wa leloko la Juda, a tshwarwa.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos