Yaba Abrahama o tsoha ka meso, a qhaneha esele ya hae, a nka bahlanka ba babedi le yena, le Isaaka, mora hae; mme a ratha patsi ya setjheso; yaba o tloha, a leba nqalong eo Modimo o mmoletseng yona.
Joshua 7:16 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ebile Joshua o tsoha e sa le ka meso, a atametsa Baiseraele ka meloko ya bona, mme leloko la Juda la tshwarwa. BIBELE Joshua a tsoha ka madungwadungwana, a atametsa Baiseraele ka merabe ya bona, mme merabe wa Juda wa kgethwa. |
Yaba Abrahama o tsoha ka meso, a qhaneha esele ya hae, a nka bahlanka ba babedi le yena, le Isaaka, mora hae; mme a ratha patsi ya setjheso; yaba o tloha, a leba nqalong eo Modimo o mmoletseng yona.
Tsohle tse fihlelwang ke letsoho la hao hore di ka sebetswa, o di etse ka matla a hao; hobane nqalong ya bafu moo o yang, ha ho sa le mosebetsi, leha e le morero, kapa tsebo, kapa bohlale.
Joshua a tsoha e sa le hosasa; ba tloha Shittime, ba tla Jordane, yena, le bana bohle ba Iseraele, mme ba robala teng ba eso ho tshele.
Ya tshwarwang a ena le ntho e entsweng anathema, o tla tjheswa, yena le tsohle tsa hae, kahobane a tlotse selekane sa Jehova, mme a entse manyala Iseraeleng.
A atametsa methapo ya Juda, mme Modimo wa tshwara mothapo wa Sera; a atametsa monna ka mong wa mothapo wa Sera, mme Sabdi a tshwarwa.