Joshua 6:15 - Sesotho 1909/1961 (SO) Ka tsatsi la bosupa, ba tsoha e sa le hosasa, tsatsi le eso ho tjhabe, ba potoloha motse hasupa ka mokgwa oo. Ka tsatsi leo, ba potoloha motse hasupa. BIBELE Ka letsatsi la bosupa ba tsoha hoseng ha mafube a hlaha. Ba potoloha motse ka makgetlo a supileng, ka mokgwa o tshwanang le wa pele; feela ka letsatsi lena ba potoloha motse makgetlo a supileng. |
Eitse qetellong ya Sabatha, ha letsatsi le qalang veke le tla tjhaba, Maria Magdalena le Maria e mong ba tla bona lebitla.
Joshua a tsoha e sa le hosasa; ba tloha Shittime, ba tla Jordane, yena, le bana bohle ba Iseraele, mme ba robala teng ba eso ho tshele.
Ka tsatsi la bobedi, ba potoloha motse hang, ba ntoo boela diahelong. Ba nna ba etsa jwalo ka matsatsi a tsheletseng.
Ka lekgetlo la bosupa, ha baprista ba letsa diterompeta, Joshua a re ho setjhaba: Hlabang ditlatse, hobane Jehova o le neetse motse.
Hape, re na le ditaba tsa boporofeta, tse tiisitsweng ka ho fetisisa, mme le etsa hantle ha le di ela hloko, jwaloka lebone le bonesitseng nqalong e lefifi, ho fihlela meso e ba e hlaha, mme naledi ya hosasa e tjhabela dipelong tsa lona;