Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 6:15 - BIBELE

15 Ka letsatsi la bosupa ba tsoha hoseng ha mafube a hlaha. Ba potoloha motse ka makgetlo a supileng, ka mokgwa o tshwanang le wa pele; feela ka letsatsi lena ba potoloha motse makgetlo a supileng.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Ka tsatsi la bosupa, ba tsoha e sa le hosasa, tsatsi le eso ho tjhabe, ba potoloha motse hasupa ka mokgwa oo. Ka tsatsi leo, ba potoloha motse hasupa.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 6:15
7 Referencias Cruzadas  

Ke tsoha e sa le ka madungwadungwana, ke lle ho wena, hobane ke tshepile mantswe a hao.


Ha Sabatha se fetile, ho hlaha mafube a letsatsi le qalang beke, Maria wa Magadala le Maria e mong ba tla ho bona lebitla.


Ka tumelo marako a neng a sireleditse Jeriko a ile a heleha, hoba a potapotwe ka matsatsi a supileng.


Bo-Joshua, le bana bohle ba Iseraele, ba tsoha ka madungwadungwana, ba qala leeto la ho tloha Shitime, ba ya fihla Jorodane, ba robaletsa moo, ba tsoha ba tshela.


Le ka letsatsi la bobedi ba potoloha motse hanngwe, yaba ba kgutlela diahelong. Ba etsa jwalo ka matsatsi a tsheletseng.


Yare ha ba potoloha lekgetlo la bosupa, baprista ba letsa manaka, Joshua a re ho setjhaba: “Howang, hobane Morena o le neile motse ona!


Re bile re na le lentswe la baporofeta, le tshepahalang haholo, leo e ka bang hantle hore le le ele hloko, hobane le jwaloka lebone le kganyang lefifing, ho fihlela mesong ya Letsatsi lela, mohla Mphatlalatsane e tjhabelang dipelong tsa lona.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos