Yaba Abrahama o tsoha ka meso, a qhaneha esele ya hae, a nka bahlanka ba babedi le yena, le Isaaka, mora hae; mme a ratha patsi ya setjheso; yaba o tloha, a leba nqalong eo Modimo o mmoletseng yona.
Joshua 6:12 - Sesotho 1909/1961 (SO) Joshua a boela a tsoha e sa le hosasa, mme baprista ba jara areka ya Jehova. BIBELE Joshua a tsoha ka madungwadungwana, baprista ba jara areka ya Morena. |
Yaba Abrahama o tsoha ka meso, a qhaneha esele ya hae, a nka bahlanka ba babedi le yena, le Isaaka, mora hae; mme a ratha patsi ya setjheso; yaba o tloha, a leba nqalong eo Modimo o mmoletseng yona.
Joshua a tsoha e sa le hosasa; ba tloha Shittime, ba tla Jordane, yena, le bana bohle ba Iseraele, mme ba robala teng ba eso ho tshele.
Ebile areka ya Jehova e potoloha motse hang, mme ba boela diahelong, ba dula bosiu diahelong.
Baprista ba supileng ba tshwereng diterompeta tse supileng tse tlerolang, ba nna ba tsamaya, ba eteletse areka ya Jehova pele, ba letsa diterompeta; ba hlometseng ba etella pele, mme makgotla a mang a latella areka ya Jehova; ba ya, ba ntse ba letsa diterompeta.