Ka baka leo, Morena Jehova o boletse, a re: Bonang, ke bea lejwe Sione, e be motheo, lejwe le lekilweng, lejwe la ntlha la bohlokwa, le theilweng ka mokgwa o tiileng; ya dumelang ha a na ho baleha.
Joshua 6:10 - Sesotho 1909/1961 (SO) Joshua a laela setjhaba, a re: Le se ke la etsa ditlatse, mme mantswe a lona a se ke a utlwahala, ho se ke ha eba puo e tswang melomong ya lona, ho be ho fihle tsatsi leo ke tla re ho lona: Hlabang ditlatse. Mohlang oo, le tla hlaba ditlatse. BIBELE Joshua a laela setjhaba, a re: “Le se ke la howa, leha e le ho hweshetsa; ho se be lentswe le tswang melomong ya lona, ho fihlela mohla letsatsi leo ka lona ke le laelang hore le howe, ebe lea howa.” |
Ka baka leo, Morena Jehova o boletse, a re: Bonang, ke bea lejwe Sione, e be motheo, lejwe le lekilweng, lejwe la ntlha la bohlokwa, le theilweng ka mokgwa o tiileng; ya dumelang ha a na ho baleha.
Mme bonang, nna ke tla le romela pallo ya Ntate; le mpe le sale motseng wa Jerusalema, le tle le be le apeswe ka matla a tswang hodimo.
A re ho bona: Ha ho a le lokela ho tseba mehla, leha e le dinako tseo Ntate a itaoletseng tsona a nnotshi.
Ebile areka ya Jehova e potoloha motse hang, mme ba boela diahelong, ba dula bosiu diahelong.
Banna ba hlometseng ba etella baprista ba letsang diterompeta pele, mme makgotla a mang a latella areka; ha tsamau-wa ho ntse ho letswa diterompeta.