Hoseng, ka letsatsi le hlahlamang la mokete wa Paseka, ba eja tse behilweng ke naha, e leng dikuku tse sa lomoswang, le diqhome tsa koro, ba di ja ka lona letsatsi leo.
Le se ke la ja bohobe, leha e le dihlaku tsa koro e besitsweng, kapa e tutsweng, ho fihlela letsatsi lona leo le hlahisang nyehelo ho Modimo wa lona ka lona. Ke molao o sa feleng, oo le tlang ho ya ka wona, lona le ditloholo tsa lona meahong ya lona yohle.
Ka letsatsi la leshome le metso e mehlano la kgwedi eo, e tla ba mokete wa mahobe a se nang ditomoso, o etsetswang Jehova; le tla ja mahobe a se nang ditomoso ka matsatsi a supileng.
Haele manna, ya fela ka tsatsi le hlahlamang leo ba jeleng koro ya lefatshe leo ka lona; mme bana ba Iseraele ha ba ka ba hlola ba sa ba le manna, ba mpa ba eja dijo tsa lefatshe la Kanana ka lemo seo.