Biblia Todo Logo
La Biblia Online
- Anuncios -




Joshua 5:11 - BIBELE

11 Hoseng, ka letsatsi le hlahlamang la mokete wa Paseka, ba eja tse behilweng ke naha, e leng dikuku tse sa lomoswang, le diqhome tsa koro, ba di ja ka lona letsatsi leo.

Ver Capítulo Copiar

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Ka tsatsi le hlahlamang Paseka, ba eja koro ya lefatshe leo; ka lona tsatsi leo, ba eja bohobe bo sa lomoswang le diqhome.

Ver Capítulo Copiar




Joshua 5:11
7 Referencias Cruzadas  

Ho fihlela le tlisitse nyehelo ya Modimo wa lona, le se ke la ja bohobe, le diqhome kapa lefotho, ho fihlela ka lona letsatsi leo. Ona e tla ba molao wa mehla yohle melokong ya lona, diahelong tsa lona tsohle.”


Ka letsatsi la leshome le metso e mehlano, hona kgweding eo, ke mokete wa Morena wa bohobe bo sa lomoswang, mme ka matsatsi a supileng le je bohobe bo sa lomoswang.


e tle ere ha le eja dijo tsa naha eo, le nyehelle Morena ka nyehelo e phahamiswang.


Bana ba Iseraele ba nna ba hlola Gilegale, mme ka letsatsi la leshome le metso e mene la kgwedi eo, ka phirimana, ba keteka mokete wa Paseka diphuleng tsa Jeriko.


Ka letsatsi leo ka lona ba jeleng thoko ya tse behilweng ke naha, manna a kgaotsa ho ba teng, mme yaba bana ba Iseraele ha ba sa fumana manna, empa selemong seo ba ja ditholwana tsa naha ya Kanana.


Síguenos en:

Anuncios


Anuncios


¡Síguenos en WhatsApp! Síguenos