lejwe lena leo ke le emisitseng mokolokotwane, e tla ba ntlo ya Modimo; mme ke tla o ntshetsa karolo ya leshome ya tsohle tseo o tlang ho nnea tsona.
Joshua 4:3 - Sesotho 1909/1961 (SO) le ba laele, le re: Itholleng mona, kahare ho Jordane, moo maoto a baprista a neng a eme teng a sataletse, majwe a leshome le metso e mmedi; le ye le wona, mme le a bee moo le tla emisa ka bosiu bona. BIBELE Le ba laele, le re: ‘Nkang majwe bohareng ba Jorodane, moo maoto a baprista a neng a eme teng; e be majwe a leshome le metso e mmedi. Le tshele le a nkile, le fihle le a bee moo le tla robaletsa teng bosiung bona.’ ” |
lejwe lena leo ke le emisitseng mokolokotwane, e tla ba ntlo ya Modimo; mme ke tla o ntshetsa karolo ya leshome ya tsohle tseo o tlang ho nnea tsona.
Jehova o sehalalelong sa hae, Jehova o na le terone ya hae mahodimong; mahlo a hae a bona, dintshi tsa hae di leka bana ba batho.
A ba araba, a re ho bona: Ke a le bolella, ke re: Bao ha ba ka kgutsa, majwe a ka howa.
Joshua a ntoo re ho setjhaba kaofela: Bonang, lejwe lena e tla ba paki ho rona, etswe lejwe lena le utlwile ditaba tsohle tseo Jehova a re boleletseng tsona; e tla ba paki ho lona ke hona, esere mohlomong la latola Jehova, Modimo wa lona.
Etlare ha bohato ba maoto a baprista ba jereng areka ya Jehova, Morena wa lefatshe lohle, bo hata metsi a Jordane, metsi a Jordane a tla aroha; metsi a theohang a etswa hodimo a etse qubu.
Yaba Joshua o bitsa banna ba leshome le metso e mmedi, bao a ba kgethileng hara bana ba Iseraele, monna a le mong lelokong le leng le le leng.
Bana ba Iseraele ba etsa jwalokaha Joshua a ba laetse, ba thola majwe a leshome le metso e mmedi kahare ho Jordane, jwalokaha Jehova a ne a boleletse Joshua, ka palo ya meloko ya bana ba Iseraele, ba ya le wona moo ba tla emisa teng, ba a bea hona teng.
Samuele a nka lejwe, a le emisa pakeng tsa Mitspe le Shene, a le rea lebitso la Eben-Esere (lejwe la thuso), a re: Jehova o re thusitse ho fihlela mona.